Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 25 February, 2008. Molebeli oa sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 30 e thehiloeng boitsebisong bo akarelitsoeng lipuong tsa beke ea la 7 January ho ea ho la 25 February, 2008. [Hlokomela: Moo ho sa bontšoang mohloli oa boitsebiso ka mor’a potso, u tla lokela ho iketsetsa lipatlisiso e le hore u fumane likarabo.—Bona buka ea Sekolo sa Tšebeletso, maq. 36-7.]
LITŠOBOTSI TSA PUO
1. Re lokela ho etsa eng e le hore re thuse bamameli ba rōna hore ba utloisise se boleloang ke mangolo, hona ke hobane’ng ha re lokela ho etsa joalo? [be-SU leq. 228 lir. 2-3]
2. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re etse hore linehelano tsa rōna e be tse rutang bamameli ba rōna, hona re ka etsa see joang? [be-SU leq. 230 lir. 3-5, lebokose]
3. Ke ka litsela life ho etsa lipatlisiso ho ka etsang hore lipuo tsa rōna e be tse rutang haholoanyane? [be-SU leq. 231 lir. 1-3]
4. Re ka etsa joang hore ho bala mangolo a tloaelehileng e be ho rutang haholoanyane? [be-SU leq. 231 lir. 4-5]
5. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re behe mabaka ka litemana tseo re li balang? [be-SU leq. 232 lir. 3-4]
PUO EA 1
6. Ke eng e bontšang hore buka ea Matheu e ne e ngotsoe ho nahannoe ka babali ba Bajuda ka ho khetheha? [si-SU leq. 176 lir. 6-7]
7. Re ka lokisa lipelo tsa rōna joang hore li amohele thuto e tsoang ho Molimo ka sebui? (2 Likron. 20:33) [be-SU leq. 13 ser. 4–leq. 14 ser. 4]
8. Batsoali ba ka etsa’ng hore ba koetlise bana ba bona hore ba ‘hlalefe bakeng sa poloko’? (2 Tim. 3:15) [be-SU leq. 16 lir. 3-4]
9. Kosepele ea Matheu e totobatsa joang ho phethahala ha boprofeta ba Bibele? [si-SU leq. 180 ser. 32]
10. Kaha Kosepele ea Matheu e bontša Jesu e le Mesia ea tšepisitsoeng le Morena, Kosepele ea Mareka eona e mo hlalosa joang? [si-SU leq. 182 lir. 7-8]
’MALO OA BIBELE OA BEKE LE BEKE
11. Na ho loloma ke bohale ho hobe ho feta ho koetla bohale? (Mat. 5:21, 22) [w08-SU 1/15 “Lentsoe la Jehova Lea Phela—Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Matheu”]
12. Bakreste ba etsa joang hore ‘mahlo a bona a lule a talimile nģa e le ’ngoe’? (Mat. 6:22, 23) [w06-SU 10/1 leq. 29]
13. Jesu o ne a hatisa ntlha efe ha a ne a botsa barutuoa ba hae: “Na le utloisisitse lintho tsee tsohle?” (Mat. 13:51, 52) [w08-SU 1/15 “Lentsoe la Jehova Lea Phela—Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Matheu”]
14. Ke hobane’ng ha Jesu a ne a atisa ho bolella batho bao a ba phekotseng hore “ba se ke ba etsa hore a bonahale”? (Mat. 12:16) [w87-SU 5/15 leq. 9; cl-SU maq. 93-4]
15. Jesu o ne a hatisa ntlha efe ha a ne a bua ka “ntho e lekanyang” eo motho a “lekanyetsang” ka eona? (Mar. 4:24, 25) [w80-SU 12/15 leq. 12; gt-SU khao. 43]