Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/08 maq. 2-7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
km 3/08 maq. 2-7

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka March: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? April le May: Makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha! June: Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete.

◼ Liphutheho li lokela ho fa bahoeletsi limakasine tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa le Tsoha! hang feela ha li fihla. Sena se tla thusa bahoeletsi hore ba tsebe litaba tse ka har’a tsona pele ba li tsamaisa tšimong. Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso le eona e lokela ho fuoa bahoeletsi hang feela ha e fihla.

◼ Molebeli ea okamelang o lokela ho hlahloba liak’haonte tsa phutheho tsa khoeli ea December, ea January le ea February kapa a kōpe motho e mong hore a li hlahlobe. Ha hoa lokela hore ho sebelisoe motho a le mong ka makhetlo a latellanang. Haeba ho e-na le ak’haonte e ’ngoe ea banka, mohlomong ea tokiso kapa ea kaho, le eona e lokela ho hlahlojoa. Ha li se li hlahlobiloe, phutheho e lokela ho tsebisoa ha ho baloa tlaleho e latelang ea liak’haonte.—Bonang Litaelo Tsa ho Hlokomela Liak’haonte Tsa Phutheho (S-27).

Liphutheho tsa Afrika Boroa li lokela ho romela liak’haonte tse hlahlobiloeng tsa likhoeli tsena tse tharo ofising ea lekala kapele-pele. Mongoli le mohlanka oa liak’haonte ba lokela ho etsa bonnete ba hore liak’haonte li feletse ’me li hlophisitsoe ka makhethe le hore ho fanoe ka lintho tse latelang: Leqephe la Liak’haonte (S-26), Tlaleho ea Liak’haonte Tsa Phutheho ea Khoeli le Khoeli (S-30), Lirasiti (S-24), maqetšoana a litšenyehelo le seteitemente sa banka sa khoeli ka ’ngoe (haeba phutheho e e-na le ak’haonte ea banka). Ngolang ka ho hlaka hore li ea Accounting Office—PBO Registration.

◼ Re kōpa hore bahlanka ba limakasine ba hlahlobe hore na ba fumana lenane le nepahetseng la limakasine tsa Molula-Qhooa (khatiso ea batho ka kakaretso le e ithutoang) le Tsoha! Haeba ho se joalo, re kōpa hore hang-hang le romele manane a macha le sebelisa Foromo ea ho Odara Limakasine (M-202). Hopolang hore ho ka nka likhoeli tse ’maloa hore le qale ho fumana odara e fetotsoeng.

◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odara livolume tsa 2007 tsa The Watchtower le Awake! Livolume tsena li tla fumaneha ka Sechaena (Se Tloaelehileng), Sefora, Senyesemane le Sepotoketsi. Ho fihlela ha livolume tsena li fumaneha ’me li romeloa, li tla hlaha tlas’a “Pending” mathathamong a lintho tse rometsoeng phuthehong. Livolume tsena li fumaneha ka odara e khethehileng.

◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tse Fumanehang:

“Tloo U be Molateli oa Ka” (cf)—Seafrikanse, Sefora, Senyesemane, Sepotoketsi, Seshona, Sesotho, Setsonga, Setswana, Sevenda, Sexhosa, Sezulu

“Tloo U be Molateli oa Ka”—Mongolo o Moholo (cflp)—Sefora, Senyesemane, Sepotoketsi, Sesotho, Sexhosa, Sezulu

Is Your Life Ruled by Fate? (T-81)—Sechaena (Se Nolofalitsoeng)

Lula U Hopola Letsatsi la Jehova—Mongolo o Moholo (jdlp)—Sepotoketsi

Watch Tower Publications Index 2006 (dx06)—Puo ea Matsoho ea Amerika

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela