Litaba Tsa Puso ea Molimo
◼ Re motlotlo ho le tsebisa hore ho nehetsoe Liholo tse ncha Tsa ’Muso tse hlano monongoaha ka March. Liholo Tsa ’Muso tse ’nè ho tsena li KwaZulu-Natal ’me e le ’ngoe e Gauteng. Ke tsa Ekuvukeni le Ezakheni West (Ladysmith), Thembalihle le Nondabuya (haufi le Jozini), le Stretford South (haufi le Orange Farm). Re thaba le bara le barali bana babo rōna ha ba ntse ba sebelisa Liholo tsa bona Tsa ’Muso tse ncha bakeng sa ho rapela Jehova le ho mo sebeletsa.