Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/08 leq. 1
  • Hlomella ba Bacha Hore ba Mamelle Khanyetso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hlomella ba Bacha Hore ba Mamelle Khanyetso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lula Haufi le Mokhatlo oa Jehova
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
  • U ka Khona ho Lula U Tšepahala Leha U Hlorisoa
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Le be le Mamello
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Mamello—E Bohlokoa Bakeng sa Bakreste
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
km 11/08 leq. 1

Hlomella ba Bacha Hore ba Mamelle Khanyetso

1 Ha batho ba qala ho ithuta Bibele ’me ba ‘lakatsa ho phela ka boinehelo ba bomolimo,’ Satane o etsa boiteko bo khethehileng ba ho ba hanyetsa. (2 Tim. 3:12) Khanyetso e ka hlaha ho basebetsi-’moho, liithuti-’moho kapa baahelani. E ba teko e boima le ho feta ha beng ka seithuti se secha ba se hanyetsa hobane ba re ba se tsoela khomo.—Mat. 10:21; Mar. 3:21.

2 Ho Boletsoe Esale Pele Hore re Tla Hanyetsoa: Ba bacha ba tlameha ho tseba hore ba lokela ho lebella mahloriso le hore ke pontšo ea hore e ba barutuoa ba ’nete ba Kreste. (Joh. 15:20) Ka linako tse ling, batho ba ka ’na ba re hanyetsa hobane ba na le maikutlo a fosahetseng ka Lipaki Tsa Jehova. U hopole hore ho thabisa haholo ho nyelisetsoa ho ba molateli oa Jesu le ho mamela Molimo. (Lik. 5:27-29, 40, 41) Kholisa ba bacha hore Jehova o tla ba tšehetsa ka lerato. (Pes. 27:10; Mar. 10:29, 30) Ha ba lula ba tšepahala ba tla ba ka lehlakoreng la Jehova tsekong ea bobusi ba bokahohle.—Liprov. 27:11.

3 Karolo e Phethoang ke Tsebo e Nepahetseng: Bontša liithuti tsa Bibele bohlokoa ba ho tsoela pele li rua tsebo e nepahetseng ho sa tsotellehe liteko tseo li tobanang le tsona. Satane o sebelisa khanyetso ho leka ho thibela seo li ithutang sona hore se thophothele lipelong tsa tsona. (Liprov. 4:23; Luka 8:13) Li lokela ho lula li rua tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo e le hore li ka mela ka metso tumelong.—Pes. 1:2, 3; Bakol. 2:6, 7.

4 Ho Hlokahala Mamello: Tekong efe kapa efe, ho hlokahala mamello ’me e ka hlahisa litholoana tse molemo. (Luka 21:16-19) Ha batho ba bacha ba mamella khanyetso, ba rua molemo ’me ba ruisa le ba bang molemo. Ba hlokomela kamoo Jehova a khonang ho hlohonolofatsa ka ho enneng batho ba mamellang ka botšepehi.—Jak. 1:12.

5 Moapostola Pauluse o ile a thaba ha a bona barab’abo ba Thesalonika ba hatela pele moeeng. Seo se ile sa etsa hore a lebohe Molimo, etsoe bongata ba bona ba ne ba thusitsoe ke eena hore ba kene ’neteng. (2 Bathes. 1:3-5) Le rōna re ka thaba ra ba ra khotsofala ka tsela e tšoanang haeba re hlomella liithuti tsa rōna tsa Bibele hore li tobane le khanyetso ’me li mamelle.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela