Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/09 leq. 4
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
km 5/09 leq. 4

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka May: Makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha! Ha u khutlela ho batho ba thahasellang, ho akarelletsa le ba bang teng Sehopotsong kapa ba bang teng liketsahalong tse ling tsa puso ea Molimo empa ba sa kopanele le phutheho kamehla, ikemisetse ho qalisa thuto le bona u sebelisa buka ea Seo Bibele e se Rutang. June: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? July le August: Bukana leha e le efe e maqephe a 32 ho tse latelang: Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng?, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong bo sa Feleng?, Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng!, le U ka ba Motsoalle oa Molimo!

◼ Ha u lokisetsa ho etela naheng e ’ngoe ’me u rera ho ea libokeng tsa phutheho, kopanong e nyenyane kapa ea setereke sebakeng seo, u lokela ho kōpa boitsebiso bo mabapi le matsatsi, linako le libaka ofising ea lekala e tsamaisang mosebetsi naheng eo. Ho thathamisitsoe liaterese tsa liofisi tsa makala leqepheng la ho qetela la Buka ea Selemo ea morao-rao.

◼ Ho tla etsoa boiteko bo matla ba ho phatlalatsa likopano tsa machaba le tsa setereke tsa 2009 tse tla tšoaroa lefatšeng lohle. Bahoeletsi ba tla ba le monyetla oa ho aba memo e khethehileng tšimong ea habo bona. Phutuho ena e lokela ho etsoa libeke tse tharo pele ho kopano eo phutheho e abetsoeng ho ea ho eona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela