Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/09 leq. 4
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
km 7/09 leq. 4

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka July le August: Bukana leha e le efe e maqephe a 32 ho tse latelang: Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng?, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong bo sa Feleng?, Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng!, le U ka ba Motsoalle oa Molimo! September: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? October: Makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha!

◼ Kaha August e na le Meqebelo e mehlano le Lisontaha tse hlano, e ka ba khoeli e ntle ea ho nka bopula-maliboho bo thusang.

◼ Neng le neng ha u lokisetsa ho etela naheng e sieo lethathamong la linaha tse bontšitsoeng tlalehong ea selemo sa tšebeletso kapa e sieo liatereseng tse leqepheng la ho qetela la Buka ea Selemo ea morao-rao, kōpa thuso ofising ea lekala ea naha ea heno e le hore u kholisehe hore na u lokela ho ba hlokolosi ka lintho life kapa ho latela litaelo life. Ho ka etsahala hore ebe mosebetsi oa ’Muso o thibetsoe naheng eo. (Mat. 10:16) Linaheng tse ling ho ka ’na ha se ke ha e-ba molemo hore baeti ba ikopanye le Lipaki kapa liphutheho. U ka ’na ua fuoa keletso e ’ngoe mabapi le ho paka ka mokhoa o sa reroang kapa ho nka lingoliloeng. Haeba u mamela keletso ena u tla qoba ho ipakela mathata kapa ho bakela mosebetsi oa ’Muso mathata a sa hlokahaleng.—1 Bakor. 14:33, 40.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela