Lintlha-khōlō Tsa Tšebeletso ea Tšimo
Re thabela ho le tsebisa hore ho bile le tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 1 785 Botswana ka March, e leng keketseho ea karolo ea 7 lekholong ea bahoeletsi ka holimo ho tlhōrō ea selemong se fetileng. Hape ho bile le tlhōrō e ncha ea lithuto tsa Bibele tse 2 988. Ho feta moo, khoeli ena e bile e khethehileng Lesotho kaha ho bile le tlhōrō e ncha ea bo-pula-maliboho ba kamehla ba 303 hammoho le tlhōrō e ncha ea lithuto tsa Bibele tse 5 604.