Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka September: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? Leka ka matla hore u qale lithuto tsa Bibele leetong la pele. Bontša kamoo beng ba matlo ba ka ruang molemo bukeng ena ka hore u suthele pontšo e khutšoanyane ea kamoo thuto ea Bibele e khannoang kateng. October: Makasine ea Molula-Qhooa le Tsoha! Moo u bonang batho ba thahasella, tsamaisa pampitšana ea Na U ka Thabela ho Tseba ’Nete? u be u e tšohle. Haeba beng ba matlo ba se ba ntse ba e-na le pampitšana, leka ho qala thuto ea Bibele. November: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. Lelapeng le nang le bana, u ka tsamaisa buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo.
◼ Puo ea phatlalatsa e khethehileng ea nako ea Sehopotso sa 2010 e tla ba bekeng ea la 12 April, 2010. Sehlooho sa puo se tla tsebisoa hamorao. Liphutheho tse nang le ketelo ea molebeli oa potoloho kapa kopano mafelo-bekeng ao li tla ba le puo e khethehileng bekeng e latelang. Ha ho phutheho e lokelang ho ba le puo e khethehileng pele ho la 12 April.