Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/09 leq. 2
  • ‘Fa Motho eo U Ithutang le Eena Moea oa Hao’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Fa Motho eo U Ithutang le Eena Moea oa Hao’
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thusa Batho Bao U Ithutang Bibele le Bona Hore ba Kolobetsoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • U ka Thusa Lithuto Joang Hore li Qetelle li Kolobelitsoe?​—Karolo ea Bobeli
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Phutheho e ka Thusa Batho ba Ithutang Bibele Joang Hore ba Kolobetsoe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • U ka Thusa Lithuto Joang Hore li Qetelle li Kolobelitsoe?​—Karolo ea Pele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
km 12/09 leq. 2

‘Fa Motho eo U Ithutang le Eena Moea oa Hao’

1. Re lokela ho etsa’ng e le hore re thuse batho bao re ithutang Bibele le bona?

1 E le hore motho eo u ithutang Bibele le eena a hatele pele ho fihlela a inehela, hase feela taba ea ho mo khannela thuto ea kamehla ea Bibele. Moapostola Pauluse o ile a tšoantša kamano eo a nang le eona le batho bao a ba rutang le ea ’mè ea anyesang ea baballang bana ba hae. Le rōna re thabela ho fana ka “meea ea rōna” e le hore re thuse batho bao re ithutang le bona hore ba matlafatse kamano ea bona le Jehova.—1 Bathes. 2:7-9.

2. Ke hobane’ng ha re lokela ho iketsa metsoalle ea batho bao re ithutang le bona, ’me re ka etsa see joang?

2 Iketse Motsoalle oa Hae: Ha motho eo u ithutang Bibele le eena a ntse a sebelisa seo a ithutang sona, letsoalo la hae le tla mo susumelletsa hore a khaotse setsoalle le batho ba sa pheleng ka melao-motheo ea Bibele. (1 Pet. 4:4) Lelapa labo le ka ’na la mo khesa. (Mat. 10:34-36) E le hore a se ke a ikutloa a se na mang-oe, re ka iketsa metsoalle ea hae. Moromuoa e mong eo e leng khale a li bona o fana ka keletso ena: “U se ke ua potlakela ho tsamaea ha le qeta ho ithuta. Haeba ho khoneha, qeta nakoana le eena le ntse le qoqa.” E-ba seli ’me u mo thuse ka lintho tseo a li hlokang. Ka mohlala, na ha a kula u ka mo founela kapa ua ea mo hlola? Na ha a tlile libokeng u ka lula le eena ’me ua mo thusa ho hlokomela bana haeba ho khoneha?

3. Ke eng eo re ka e etsang e le hore phutheho e khothatse motho eo re ithutang le eena?

3 Kamoo Phutheho e ka Thusang Kateng: Haeba le sebetsa tšimo e haufi le moo motho eo u ithutang le eena a lulang teng, u ka ’na ua fapohela ka nakoana e le hore u mo tsebise motho eo u sebetsang tšimo le eena. Ha ho loketse, nako le nako u ka kōpa bahoeletsi ba sa tšoaneng esita le baholo hore ba tsamaee le uena ha u il’o khanna thuto. Ntle ho moo, hang ha u se u qalile ho khannela motho thuto, mo khothalletse hore a ee libokeng Holong ea ’Muso. Sena se tla etsa hore a thabele botsoalle bo molemo le litho tsa phutheho tseo e ka ’nang ea e-ba lelapa labo la moea.—Mar. 10:29, 30; Baheb. 10:24, 25.

4. Re ka fumana melemo efe haeba re ikitlaetsa?

4 Thabo ea motsoali ea ikitlaelletsang ho thusa bana ba hae hore ba be le kamano e ntle le Jehova ea khaphatseha ha ba inehela ho Eena ’me ba tsamaea ’neteng. (3 Joh. 4) Le rōna re ka itumela joalo ha re ntse re fa batho bao re ithutang Bibele le bona meea ea rōna.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela