Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/09 leq. 4
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
km 12/09 leq. 4

Litsebiso

◼ Libuka tse tsamaisoang ka December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. Lelapeng le nang le bana, u ka tsamaisa buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo. January: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? February: Atamela ho Jehova kapa Lekunutu la Thabo ea Lelapa. March: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?

◼ Sehopotso sa 2011 se tla ba ka Sontaha sa la 17 April, ka mor’a hore letsatsi le likele. Tsebiso ena e etsoa nako e sa le teng e le hore barab’abo rōna ba ka etsa litokisetso tse hlokahalang tsa ho hira liholo kapa ho kena litumellanong tsa ho hira liholo tse fumanehang haeba ho e-na le liphutheho tse ’maloa tse sebelisang Holo ea ’Muso e le ’ngoe ’me ho hlokahala hore ho fumanoe libaka tse ling.

◼ Haufinyane limemo tsa Sehopotso sa 2010 li tla romeloa ka puo e sebelisoang haholo phuthehong ka ’ngoe. Haeba ho e-na le lipuo tse ling tse sebelisoang tšimong ea phutheho ’me le ka thabela ho li fumana ka lipuo tseo, le lokela ho li odara kapele kamoo ho ka khonehang kateng le sebelisa Literature Request Form (S-14). Lipuo tseo limemo tsa Sehopotso li fumanehang ka tsona li thathamisitsoe lengolong la la 1 November, 2009 le mabapi le tsebiso ea morao-rao ea lingoliloeng.

◼ Likhoeling tse seng kae tse fetileng, ho nehetsoe Liholo Tsa ’Muso tse ’nè. Re thaba le phutheho ea Kwamusi (Mpumalanga), ea Ndevana le ea Peelton (King William’s Town) hammoho le ea Tsumeb (Namibia) ha li ntse li rapela Jehova Liholong tsa tsona Tsa ’Muso tse ncha.

◼ Ho qala ka September 2010 likopano tsohle tsa setereke tse hlophisoang ke lekala la Afrika Boroa li tla tšoaroa ka September le ka October. Hang ha ho se ho entsoe qeto ea hore na li tla tšoaroa ka matsatsi afe le hore na li tšoareloe hokae, liphutheho li tla tsebisoa. Likopano tsa potoloho le tse khethehileng tsa letsatsi li tla tšoaroa ka December. Tšimo e sa abuoang ea selemo sa 2010 e se e tla ba ka March, April le May 2011.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela