Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 28 December, 2009.
1. Kajeno Bakreste ba ka sebelisa molao-motheo o lengolong la Deuteronoma 14:1 joang? [w05 1/1 leq. 28; w04 9/15 leq. 27 ser. 5]
2. Molao-motheo oa Deuteronoma 20:5-7 o ka sebelisoa joang ka phuthehong ea Bakreste kajeno? [w04 9/15 leq. 27 ser. 6]
3. Baiseraele ba ne ba fapane joang le lichaba tse ling tabeng ea ntoa? (Deut. 20:10-15, 19, 20; 21:10-13) [cl maq. 134-135, ser. 17]
4. Ke’ng se ka re thusang ho sebeletsa Jehova ka pelo e nyakaletseng? (Deut. 28:47) [w95 1/15 leq. 16 lir. 4-5]
5. Batsoali ba ka rua molemo joang papisong e entsoeng lengolong la Deuteronoma 32:9, 11, 12, e bontšang lerato la Jehova bakeng sa sechaba sa Iseraele? [w01 10/1 maq. 9-10 lir. 7-9]
6. Re lokela ho utloisisa joang taba ea hore Rahaba o ile a khelosa banna ba morena ba neng ba batla lihloela? (Josh. 2:4, 5) [w93 12/15 leq. 25 ser. 1]
7. Mohlala oa Baiseraele o lengolong la Joshua 3:15, 16 o re ruta’ng? [w04 12/1 leq. 9 ser. 5]
8. Re ka ithuta’ng tseleng eo Joshua a ileng a sebetsana le bosholu ba Akane ka eona? (Josh. 7:20-25) [w04 12/1 leq. 11 ser. 3]
9. Joshua 9:22, 23 e bontša joang hore Lentsoe la Molimo le ile la fela la phethahala? [w04 12/1 leq. 11 ser. 2; si leq. 44, ser. 13]
10. Mohlala oa Kalebe o ka re khothatsa joang? (Josh. 14:8, 10-12) [w04 12/1 leq. 12 ser. 2; w93 5/15 leq. 29 ser. 1]