Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 28 June, 2010. Molebeli oa sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 20 e thehiloeng lintlheng tse tšohliloeng lipuong tsa beke ea la 3 May ho ea ho la 28 June, 2010.
1. Re ithuta eng ka hore ebe Davida o ile a siamela Abnere? (2 Sam. 3:31-34) [w05 5/15 leq. 17 ser. 5; w06 7/15 leq. 21 lir. 9-10]
2. Nathane o ile a etsa phoso efe, hona ke hobane’ng ha a sa ka a tlohelisoa ho ba moprofeta oa Jehova? (2 Sam. 7:3) [rs leq. 46 ser. 2]
3. Samuele oa Bobeli khaolo ea 7 temana ea 14 e ile ea phethahala joang? [it-1-E leq. 273 ser. 3; it-2-E leq. 818 ser. 2]
4. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore seo Davida a ileng a se etsetsa Mefiboshethe e ne e le mosa o lerato, hona see se lokela ho re ama joang? (2 Sam. 9:7) [w02 5/15 leq. 19 ser. 5]
5. Ke lintho life tseo re ka ithutang tsona kamanong ea Itai oa Mogathe le Morena Davida? (2 Sam. 15:19-22) [w09 5/15 maq. 27-28]
6. Re ka beha mabaka joang re sebelisa Mangolo ho bontša hore Tsiba o ne a etselletsa Mefiboshethe? (2 Sam. 16:1-4) [w02 2/15 maq. 14-15 ser. 11, ftn.]
7. Ha Davida a kōpa Barzilai ea lilemo li 80 hore e il’o ba setho sa lekhotla la hae, ke hobane’ng ha Barzilai a ile a re ho ee Kimhame? (2 Sam. 19:33-37) [w07 6/1 leq. 24 ser. 13]
8. Boikokobetso ba Jehova bo ile ba etsa hore Davida a be moholo joang? (2 Sam. 22:36) [w07 11/1 leq. 5 ser. 2; w04 11/1 leq. 29]
9. Ke hobane’ng ha Adonija a ile a leka ho inkela borena Davida a ntse a phela? (1 Mar. 1:5) [w05 7/1 leq. 28 ser. 5]
10. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a araba thapelo ea Solomone ha a kōpa bohlale le temoho? (1 Mar. 3:9) [w05 7/1 leq. 30 ser. 2]