Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka August: U ka ba Motsoalle oa Molimo! le Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong bo sa Feleng? kapa bukana leha e le efe e tsamaisoang tšimong eo mohlomong phutheho e ntseng e e-na le eona setokong. September: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? October le November: Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ha motho a thahasella, mo siele pampitšana ea Na U ka Thabela ho Tseba ’Nete? ’me u ikitlaelletse ho qala thuto ea Bibele.
◼ Libokeng Tsa Tšebeletso tse tlang, ho tla tšohloa livideo tse peli, e leng ea Lipaki Tsa Jehova—Li Bontša Tumelo e Matla, Karolo ea 1: Li Tsoa Lefifing le ea The Wonders of Creation Reveal God’s Glory. Haeba le hloka li-DVD tsena, le lokela ho li odara phuthehong kapele kamoo le ka khonang.
◼ Ka kōpo hlokomelang hore ho ke ke ha etsoa litokisetso tsa hore batho ba bontšoe mehaho ea Bethele ho tloha ka la 24 ho ea ho la 26 August, 2011, kaha ho tla be ho baloa setoko.
◼ Re thabela ho le tsebisa ka ho neheloa ha Liholo Tsa ’Muso tse tharo. Lesotho: Maseru Lithoteng. Cape Town: Westridge. Mpumalanga: Bushbuckridge West.
◼ Ka kōpo hlokomelang hore likopano tse latelang tsa setereke li se li tla tšoaroa ka matsatsi a latelang:
La 14-16 October:
Bloemfontein (Sesotho) Bloemfontein Showgrounds
La 26 le la 27 November:
Durban (Puo ea Matsoho) Marion Ridge Community Centre