Lintlha-khōlō Tsa Tšebeletso ea Tšimo
Mosebetsi oa boboleli o tsoela pele hantle Botswana. Ka March ho ile ha tlalehoa litlhōrō tse ncha tse ’nè. Ho ile ha finyelloa tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 1 976, e leng keketseho ea liphesente tse 4. Ba ile ba boela ba tlaleha litlhōrō tse ncha tsa bo-pula-maliboho ba kamehla ba 163, lihora tse 42 065 le maeto a ho boela a 14 112. Ho phaella moo, ba ile ba khanna lithuto tsa Bibele tse 3 556. Banyalani ba ’maloa le malapa a tsoang linaheng tse ling ba falletse Botswana ho ea thusa mosebetsing oa ho bokella batho ba lipelo li ntle, ’me hoa bonahala hore boikemisetso ba bona bo beha litholoana.