Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka September: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? October le November: Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ha motho a thahasella, mo siele pampitšana ea Na U ka Thabela ho Tseba ’Nete? ’me u ikitlaelletse ho qala thuto ea Bibele. December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. Lelapeng le nang le bana u ka tsamaisa buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo kapa Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele.
◼ Puo ea phatlalatsa e khethehileng ea nako ea Sehopotso ea 2012 e tla ba bekeng ea la 2 April. Re tla tsebisoa sehlooho sa puo hamorao. Ha ho phutheho e lokelang ho ba le puo e khethehileng pele ho Sehopotso.
◼ Bahoeletsi bao e leng bo-pula-maliboho ba thusang ka March 2012 ba ka khetha hore na ba tla sebetsa lihora tse 30 kapa tse 50 tse hlokahalang khoeling eo. Ho phaella moo, haeba molebeli oa potoloho o tla be a etetse phutheho ea habo lōna ka March, bo-pula-maliboho bohle ba thusang, ho sa tsotellehe hore na pakane ea bona ke ho finyella lihora tse 30 kapa tse 50, ba memeloa hore ba be teng sebokeng sohle seo molebeli oa potoloho a tla ba le sona le bo-pula-maliboho ba kamehla.
◼ Puo ea phatlalatsa ea balebeli ba potoloho e na le sehlooho se reng, “Ikopanye le Batho ba Molimo ba Thabileng” ’me ba qalile ho fana ka eona khoeling ena ea September.
◼ Ka kōpo hlokomelang liphetoho tse amanang le likopano tsa setereke tse latelang:
La 23-25 September:
Phalaborwa (Setsonga) Mopani FET College, Sir Val Duncan Campus, Namakgale (ho fetotsoe sebaka)
La 7-9 October:
Kanyamazane, (Sezulu) Lowveld Showgrounds (ho fetotsoe letsatsi)
La 7-9 October:
Hlotse (Sesotho) Pitso House, Butha-Buthe Road (ho fetotsoe sebaka)
◼ Re thabela ho le tsebisa hore ho sa tsoa neheloa Liholo Tsa ’Muso tse tšeletseng. Foreisetata: Clocolan. Gauteng: Katjibane. Limpopo: Giyani Central le Mahlathi. Mpumalanga: Thulamahashe le Mphato.