Lintlha-khōlō Tsa Tšebeletso ea Tšimo
Re fumane tlaleho e bontšang hore khoeling ea June bahoeletsi ba linaha tsohle tse ka tlas’a lekala la Afrika Boroa ba eketsehile. Ho khothatsa haholo ho bolela hore palo ea lithuto tsa Bibele e lula e eketseha. Botswana, e nang le bahoeletsi ba 1 976 e tlalehile lithuto tsa Bibele tse 3 888, le tlhōrō e ncha ea bo-pula-maliboho ba kamehla ba 179. Lesotho, bahoeletsi ba 3 721 ba tlalehile lithuto tsa Bibele tse 6 254. Namibia, bahoeletsi ba 1 835 ba tlalehile lithuto tsa Bibele tse 3 504. Swaziland, bahoeletsi ba 2 867 ba tlalehile lithuto tsa Bibele tse 4 156. Afrika Boroa, bahoeletsi ba 91 367 ba tlalehile lithuto tsa Bibele tse 124 586. Esita le sehlekehleke se senyenyane sa St. Helena (se nang le baahi ba ka tlaase ho 4 000), bahoeletsi ba 112 ba tlalehile lithuto tsa Bibele tse 91.