Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/12 leq. 4
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
km 4/12 leq. 4

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka April: U ka ba Motsoalle oa Molimo! le Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong bo sa Feleng? kapa bukana leha e le efe e tsamaisoang tšimong e teng setokong sa phutheho. May: Molula-Qhooa le Tsoha! June: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? July le August: U ka ba Motsoalle oa Molimo! le Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong bo sa Feleng? kapa bukana leha e le efe e tsamaisoang tšimong e teng setokong sa phutheho.

◼ Neng le neng ha u lokisetsa ho eta ’me u rera ho ea kopanong ea setereke naheng e ’ngoe, u tla fumana boitsebiso bo ka u thusang Websaeteng ea jw.org ka ho khetha Conventions tlas’a Lookup, moo ho thathamisitsoeng likopano tseo matsatsi a tsona a seng a tiisitsoe.

◼ Re hlokometse hore batho ba bang ba sebelisa linomoro tse tobileng tsa founo ha ba letsetsa Bethele. Leha ho le joalo, hangata ba qetella ba kene lefapheng lesele. E ka ’na eaba ha nako e ntse e-ea ho bile le liphetoho mafapheng ’me batho ba fuoe likabelo tse ling. Ka lebaka leo, re kōpa hore kaofela ha lōna ha le letsetsa ofising ea lekala, le sebelise nomoro ena, 011 761 1000, ntle le ha le boleletsoe ka ho toba hore na le sebelise nomoro efe (e kang e bontšitsoeng lengolong le tsoang lekaleng). Le tla fetisetsoa nomorong e nepahetseng. Ka tsela ena re tla sebetsa litaba “ka mokhoa o hlomphehang le ka tlhophiso.”—1 Bakor. 14:40.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela