Lintlha-khōlō Tsa Tšebeletso ea Tšimo
Ka January 2012, linaha tsohle tse tlas’a lekala la Afrika Boroa, ho akarelletsa sehlekehleke se senyenyane sa St. Helena, li tlalehile hore li bile le keketseho ea bahoeletsi. Botswana e tlalehile tlhōrō e ncha ea bo-pula-maliboho ba kamehla ba 196. Ho boetse hoa khothatsa ho bona hore palo ea maeto a ho boela le ea lithuto tsa Bibele e ntse e eketseha. Bahoeletsi ba Afrika Boroa ba khannile lithuto tsa Bibele tse 118 368. Pele ea pele bara le barali babo rōna, tsoelang pele ho sebeletsa Jehova ka botšepehi ’me seo se tla mo tlotlisa.