Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/12 leq. 8
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
km 7/12 leq. 8

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka July le August: U ka ba Motsoalle oa Molimo! le Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong bo sa Feleng? kapa bukana leha e le efe e tsamaisoang tšimong e teng setokong sa phutheho. September le October: Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ha u etsa leeto la ho boela, u buelle buka ea Seo Bibele e se Rutang kapa bukana ea Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng haeba ho loketse.

◼ Ka la 1 August ho tla lokolloa Sing to Jehovah—Vocal Renditions, Disc 5 ’me e tla fumaneha Websaeteng ea jw.org. E tla lokolloa pele ka Senyesemane, ebe e lokolloa ka lipuo tse ling ka mor’a nako e itseng. Le ka kōpa li-CD tse mameloang tsa lipina tseo liphuthehong tsa habo lōna. Kaha litšenyehelo tsa ho kopitsa li-disc tsena Websaeteng ea rōna li tlaase haholo ho feta ho li etsa le ho li romela, ba khonang ho li kopitsa ba khothalletsoa hore ba etse joalo. Ho se ho e-na le Disc ea 1-4.

◼ Le ka fetola kemiso ea liboka tsa beke e tlang pele ho ea kopano ea lōna ea setereke e le hore le be le monyetla oa ho tšohla likeletso le likhopotso tsa kopano ea setereke. Khoeli kapa tse peli ka mor’a kopano ea lōna ea setereke, puong ea litlhoko tsa phutheho ho ka ba le tlhahlobo ea lintlha tsa kopano tseo bahoeletsi ba boneng li ka ba tsoela molemo tšebeletsong ea tšimo.

◼ Neng le neng ha u lokisetsa ho eta ’me u rera ho ea kopanong ea setereke naheng e ’ngoe, u tla fumana boitsebiso bo ka u thusang Websaeteng ea jw.org ka ho khetha Conventions tlas’a Lookup, moo ho thathamisitsoeng likopano.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela