Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Lipotso tse latelang li tla tšohloa bekeng e qalang ka la 27 August, 2012. Ho kenyelelitsoe letsatsi leo ntlha ka ’ngoe e tla tšohloa ka lona.
1. Pono ea Ezekiele mabapi le Juda ea bokoenehi e ne e tšoantšetsa eng, ’me e re ruta thuto efe ea bohlokoa? (Ezek. 8:15-17) [La 2 July, w07 7/1 leq. 13 ser. 6; w93 1/15 maq. 27-28 lir. 7, 12]
2. Baeta-pele ba bangata ba bolumeli ba etsisa baprofeta ba bohata ba mehleng ea Ezekiele joang? (Ezek. 13:3, 7) [La 9 July, w99 10/1 leq. 13 lir. 14-15]
3. Boprofeteng bo tlalehiloeng ho Ezekiele 17:22-24, ea “bonolo” ke mang, “thaba e phahameng le e telele” eo a isoang ho eona ke efe, hona e tla fetoha “kedare e khōlō” ka tsela efe? [La 16 July, w07 7/1 maq. 12-13 ser. 6]
4. Ho latela polelo ea maele e ho Ezekiele 18:2, ba neng ba isitsoe kholehong le Ezekiele ba ne ba jarisa mang molato bakeng sa mahlomola a bona, hona re ka ithuta thuto efe ea bohlokoa tlalehong ee? [La 23 July, w88 9/15 leq. 18 ser. 10]
5. Ketsahalo e tlalehiloeng ho Ezekiele 21:18-22 e bontša joang hore batho kapa bademona ba ke ke ba fetola morero oa Jehova? [La 30 July, w07 7/1 leq. 14 ser. 4]
6. Joalokaha ho tlalehiloe ho Ezekiele 24:6, 11, 12, mafome a ka pitseng a emela’ng, hona ke molao-motheo ofe o bontšitsoeng temaneng ea 14? [La 6 Aug., w07 7/1 leq. 14 ser. 2]
7. Boprofeta bo khahlanong le motse oa Tyre bo ile ba phethahala joang? [La 6 Aug., it-1-E leq. 70, lebokose; si leq. 133 ser. 4]
8. Ke lipolelo life tse tlalehiloeng ho Ezekiele 28:2, 12-17 tse sebetsang ho “morena oa Tyre” le ho lehlabaphio la pele e leng Satane? [La 13 Aug., w05 10/15 maq. 23-24 lir. 10-14; it-2-E leq. 604 lir. 4-5]
9. Egepeta e ile ea etsoa lesupi neng ka lilemo tse 40, hona re na le mabaka afe a ho lumela hore e ile ea etsoa lesupi? (Ezek. 29:8-12) [La 13 Aug., w07 8/1 leq. 8 ser. 5]
10. Ezekiele o ile a sebetsana joang le ho iphapanya, ho sonngoa le ho se arabele ha batho, hona Jehova o ile a mo tiisetsa eng? (Ezek. 33:31-33) [La 20 Aug., w91 3/15 leq. 17 lir. 16-17]