Lintlha-khōlō Tsa Tšebeletso ea Tšimo
Naheng ea Afrika Boroa bahoeletsi ba 87 128 ba ile ba fana ka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo ka November 2012. Ba ile ba khanna lithuto tsa Bibele tse 119 165 ’me ba qeta lihora tse 1 543 441 tšimong. Namibia teng bahoeletsi ba 1 941 ba ile khanna lithuto tsa Bibele tse 4 160, e leng se bontšang hore ho ka ’na ha e-ba le keketseho e khōlō tšimong eo e behang. Re leboha haholo ha le fana ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo ka nako khoeli le khoeli, sena se etsa hore ho be le tlaleho e ntle.—Liprov. 25:25.