Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 26 August, 2013. Ho kenyelelitsoe letsatsi leo ntlha ka ’ngoe e neng e tšohloa ka lona e le hore re ka etsa lipatlisiso ha re ntse re lokisetsa sekolo beke ka ’ngoe.
1. Re ithuta eng ea bohlokoa ka ho fetisisa ketsong ea Morena Heroda ea hore a amohele thoriso e tsoang ho batho e neng e sa mo tšoanele? (Lik. 12:21-23) [La 1 July, w08 5/15 leq. 32 ser. 7]
2. Bacha ba Bakreste ba ka itsoela molemo joang ka hore ba sekaseke mohlala oa Timothea ba be ba o latele? (Lik. 16:1, 2) [La 8 July, w08 5/15 leq. 32 ser. 10]
3. Ka mor’a hore Akuila le Prisilla ba utloe ha Apolose a “bua ka sebete” synagogeng ea Efese, ba ile ba mo thusa joang ka lerato? (Lik. 18:24-26) [La 15 July, w10 6/15 leq. 11 ser. 4]
4. Lipaki Tsa Jehova li na le mohlala ofe oa Mangolo oa ho ipiletsa makhotleng a naha ha li sireletsa tokelo ea tsona ea ho bolela litaba tse molemo? (Lik. 25:10-12) [La 22 July, bt leq. 198 ser. 6]
5. Moapostola Pauluse o ile a tsoela pele ho fumana litsela tsa ho paka joang le nakong eo a neng a le litlamong Roma, ’me bahlanka ba Jehova ba latela mohlala oa hae joang kajeno? (Lik. 28:17, 23, 30, 31) [La 29 July, bt maq. 215-217 lir. 19-23]
6. Ke hobane’ng ha Bibele e nyatsa liketso tsa batho ba kopanelang liphate le ba bong bo tšoanang le ba bona ka ho re ha se tsa tlhaho ebile lia nyonyeha? (Bar. 1:26, 27) [La 5 Aug, g 1/12 leq. 28 ser. 7]
7. “Thekollo e lefiloeng ke Kreste Jesu” ka 33 C.E. e ne e ka koahela “libe tse etsahetseng nakong e fetileng” pele e lefuoa joang? (Bar. 3:24, 25) [La 5 Aug, w08 6/15 leq. 29 ser. 6]
8. Jehova o entse tokisetso efe e lerato bakeng sa linako tsa ha re thulana le maemo a re emisang hlooho hoo re sa tsebeng seo re lokelang ho se rapella? (Bar. 8:26, 27) [La 12 Aug, w08 6/15 leq. 30 ser. 10]
9. Keletso ea hore re ‘latele mokhoa oa ho amohela baeti’ e bolela’ng? (Bar. 12:13) [La 19 Aug, w09 10/15 maq. 5-6 lir. 12-13]
10. Re ‘apara Morena Jesu Kreste’ ka tsela efe joalokaha moapostola Pauluse a re eletsa? (Bar. 13:14) [La 26 Aug, w05 1/1 maq. 11-12 lir. 20-22]