Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka January le February 2014: Bukana ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo! kapa bukana leha e le efe eo phutheho e nang le eona setokong. March le April 2014: Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha!
◼ Haeba u na le lifoto leha e le life tsa bohlokoa historing ea mosebetsi oa rōna re le Lipaki Tsa Jehova, re kōpa hore u li romele ofising ea lekala. Ofisi ea lekala e tla li kenya k’homphieutheng ka skenara ebe e li khutlisetsa ho uena. Lifoto tse bontšang histori ea rōna lia hlokahala bakeng sa lihlooho tse hlahang limakasineng tsa rōna, tse kang sa “Nalane ea Rōna.” Re kōpa hore u ngole letsatsi (kapa selemo) seo foto e nkiloeng ka sona, ’me u re bolelle hore na batho ba hlahang ho eona, ba bonahalang hantle ke bo-mang. E ka ba lifoto tsa bahoeletsi ba tšebeletsong ea tšimo, ba fanang ka puo sebokeng kapa kopanong, kapa tsa barab’abo rōna ba neng ba koaletsoe chankaneng ka lebaka la ho se nke lehlakore.