Litsebiso
Lingoliloeng tse tsamaisoang ka February: Bukana ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo! kapa bukana leha e le efe e tsamaisoang tšimong eo phutheho e nang le eona setokong. March le April: Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! May le June: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? kapa e ’ngoe ea lipampitšana tse latelang: Maikutlo a Hao ke Afe ka Bibele?, U Nahana Hore Bokamoso bo Tla ba Joang?, Ke Eng e Tlisang Thabo ka Lapeng?, Hantle-ntle ke Mang ea Laolang Lefatše?, kapa Na Mahlomola a Tla ke a Fele?
Sehlooho sa puo e khethehileng e tla fanoa nakong ea Sehopotso ka 2014 se re, “Ke Hobane’ng ha Molimo ea Lerato a Lumella Bokhopo?”
Ha bahoeletsi ba fana ka bopaki phatlalatsa, ba sebelisa tafole kapa koloeana e huloang, ha baa lokela ho bontša Libibele. Leha ho le joalo, ba ka ’na ba e-ba le Libibele tseo ba ka li fang batho ba li kōpang kapa ba bontšang hore ba thahasella ’nete ka tieo.
Re thabela ho tlaleha hore ho nehetsoe Liholo Tsa ’Muso tse ncha tse tšeletseng. Eastern Cape: Midros. Gauteng: Glen Ridge le Refilwe. Lesotho: Mokhethoaneng. Mpumpalanga: Wolvekrans. Western Cape: Wallacedene.