Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/14 leq. 3
  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
km 10/14 leq. 3

Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 27 October, 2014.

  1. Ke hobane’ng ha Baiseraele ba ile ba belaela ka Molimo le Moshe joalokaha ho tlalehiloe ho Numere 21:5, ’me re fumana temoso efe tlaleng ee? [La 1 Sept., w99 8/15 maq. 26-27]

  2. Ke hobane’ng ha bohale ba Jehova bo ile ba tukela Balame? (Num. 22:20-22) [La 8 Sept., w04 8/1 leq. 27 ser. 2]

  3. Numere 25:11 e re bolella eng ka Finease, hona re ka mo etsisa joang? [La 8 Sept., w04 8/1 leq. 27 ser. 4]

  4. Moshe o ile a re behela mohlala o babatsehang oa boikokobetso joang? (Num. 27:5, 15-18) [La 15 Sept., w13 2/1 leq. 5]

  5. Joshua le Kalebe ba ile ba bontša joang hore batho ba sa phethahalang ba ka atleha ho tsamaea litseleng tsa Molimo ho sa tsotellehe hore na baa hanyetsoa kapa che? (Num. 32:12) [La 22 Sept., w93 11/15 leq. 14 ser. 13]

  6. Tsela eo barali ba Zelofehade ba ileng ba mamela ka eona e ka ’na ea ama tsela eo Mokreste oa lesooa a talimang lenyalo ka eona joang? (Num. 36:10-12) [La 29 Sept., w08 2/15 maq. 4-5 ser. 10]

  7. Phello ea ho belaela ha Baiseraele le lipuo tsa bona tse fosahetseng e bile efe, ’me re ka ithuta eng tlalehong ee? (Deut. 1:26-28, 34, 35) [La 6 Oct., w13 8/15 leq. 11 ser. 7]

  8. E le hore Baiseraele ba hlohonolofatsoe ke Jehova ba be ba atlehe Naheng e Tšepisitsoeng, ke lintho life tse peli tseo ba neng ba tlameha ho li etsa? (Deut. 4:9) [La 13 Oct., w06 6/1 leq. 29 ser. 15]

  9. Ke ka tsela efe liaparo tsa Baiseraele li sa kang tsa tsofala le maoto a bona a sa kang a ruruha ha ba ne ba tsamaea lefeelleng? (Deut. 8:3, 4) [La 20 Oct., w04 9/15 leq. 26 ser. 1]

  10. Re ka sebelisa joang khothatso e ileng ea fuoa Baiseraele ea hore ba ‘khomarele’ Jehova? (Deut. 13:4, 6-9) [La 27 Oct., w02 10/15 leq. 16 ser. 14]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela