Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ‘Chesehela Mesebetsi e Metle’?
Na u chesehela mesebetsi e metle? Kaha re bahoeletsi ba ’Muso, re na le mabaka a mangata a ho chesehela mesebetsi e metle. Hobane’ng? Hlokomela seo re se balang ho Tite 2:11-14:
Temana ea 11: “Mosa o sa tšoanelang oa Molimo” ke eng hona re ruile molemo ofe ho oona re le batho ka bomong?—Bar. 3:23, 24.
Temana ea 12: Mosa o sa tšoanelang oa Molimo o re rupetse hore re etse’ng?
Temana ea 13 le 14: Kaha joale re hloekisitsoe, re na le tšepo efe? Hona re hloekisitsoe boitšoarong ba lefatše bo se nang bomolimo ka lebaka la morero ofe o moholo?
Litemana tsee li u susumelletsa joang hore u chesehele mesebetsi e metle?