Lintlha-khōlō Tsa Tšebeletso ea Tšimo
Mosebetsi oa boboleli o ntse o tsoela pele hantle Lesotho le Botswana. Khoeling ea February, Botswana ho ile ha tlaleha bahoeletsi ba 2 182. Ba ile ba khanna lithuto tsa Bibele tse 4 649 ’me ba etsa maeto a ho boela a 18 285. Lesotho teng ho ile ha tlaleha bahoeletsi ba 4 124, ha khannoa lithuto tsa Bibele tse 6 789 ’me ha etsoa maeto a ho boela a 23 238! Linaha tse ling tse tlas’a lekala la Afrika Boroa le tsona li sebelitse hantle haholo. Tsoelang pele ho bontša cheseho eo tšebeletsong ea Jehova, “le tseba hore mosebetsi oa lōna hase oa lefeela mabapi le Morena.”—1 Bakor. 15:58.