Lintlha-khōlō Tsa Tšebeletso ea Tšimo
Re thabela ho le fa lipalo tse feletseng tsa ba bileng teng sehopotsong linaheng tse tlas’a lekala la Afrika Boroa. Lipalo tsena li bontša hore ho bile le keketseho ha re bapisa le selemo sa 2014. Lesotho e ne e le batho ba 10 266. Botswana e ne e le ba 6 323 ’me Namibia e le ba 7 726. Afrika Boroa e ne e le ba 250 754. Ho feta moo, bahoeletsi ba Afrika Boroa ba 11 011 e ile ea e-ba bo-pula-maliboho ba thusang khoeling ea April ’me ha khannoa lithuto tsa Bibele tse 145 001. Ba bileng teng sehopotsong Sehlekehlekeng sa St Helena e bile batho ba 272 ’me naheng ea Swaziland e bile ba 8 841. Mosebetsi o mongata tšimong ea rōna; ka sebele kotulo e khōlō. A re tsoeleng pele ho kōpa Mong’a kotulo hore a romele basebetsi ba eketsehileng tšimong ena ea rōna e behang litholoana.—Matheu 9:37, 38.