MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | PESALEME EA 74-78
Hopola Mesebetsi ea Jehova
Ho ka ba hotle hore re nahanisise ka lintho tse ntle tseo Jehova a li entseng
Ho nahanisisa ho re thusa ho utloisisa seo re se balang Lentsoeng la Molimo re be re se ananele
Ho nahanisisa ka Jehova ho re thusa ho hopola mesebetsi ea hae e hlollang le lintho tseo a re tšepisitseng tsona
Mesebetsi eo Jehova a e entseng:
Pōpo
Re hlompha Jehova haholo ha re bona lintho tseo a li bōpileng
O khethile banna ka phuthehong
Re lokela ho ikokobelletsa ba etellang pele ka phuthehong
O ’nile a lopolla batho
Ha re hopola hore Jehova o ’nile a lopolla batho, re ba le tumelo e matla ea hore o khona ho hlokomela bahlanka ba hae ebile o rata ho ba hlokomela