8-14 May
JEREMIA 35-38
Pina ea 33 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Ebede-meleke ke Mohlala o Motle Bakeng sa ho Bontša Sebete le Mosa”: (10 mets.)
Jer 38:4-6—Tsedekia o ile a tšaba batho ’me a lumella bahanyetsi hore ba lahlele Jeremia ka sekoting sa seretse e le hore a shoe (it-2 1228 ¶3)
Jer 38:7-10—Ebede-meleke o ile a ba sebete ’me a thusa Jeremia (w12 5/1 31 ¶2-3)
Jer 38:11-13—Ebede-meleke o ile a bontša mosa (w12 5/1 31 ¶4)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Jer 35:19—Ke hobane’ng ha Barekabe ba ile ba hlohonolofatsoa? (it-2 759)
Jer 37:21—Jehova o ile a hlokomela Jeremia joang, ’me see se ka re matlafatsa joang ha re hlaheloa ke mathata? (w98 1/15 18 ¶16-17; w95 8/1 5 ¶5-6)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Jer 36:27–37:2
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Buella sehlooho sa Molula-Qhooa oa No 3—Mo bolelle hore na le tla bua kang nakong e tlang.
Leeto la ho Boela: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Ntšetsa pele puisano ka sehlooho sa Molula-Qhooa oa No 3—Mo bolelle hore na le tla bua kang nakong e tlang.
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) jl thuto ea 26
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Ho Hlokomela Libaka Tseo re Tšoarelang Liboka ho Tsona”: (15 mets.) Puisano ea lipotso le likarabo. E fanoe ke moholo. Ka mor’a ho shebella video ea Ho Hlokomela Libaka Tseo re Tšoarelang Liboka ho Tsona le ho arabela lipotso, ka bokhutšoanyane buisana le moholo oa phutheho ea heno eo e leng setho sa komiti ea tšebetso ea Holo ea ’Muso. (Haeba phuthehong ea heno a le sieo, buisana le mohokahanyi oa sehlopha sa baholo. Haeba ke lona feela ba sebelisang Holo ea ’Muso, buisana le moholo ea ikarabellang ka tlhoekiso.) Ke mesebetsi efe eo le e entseng ho boloka Holo ea ’Muso e le boemong bo botle? Hona ke mesebetsi efe eo le rerang ho e etsa nakong e tlang? Haeba ho na le motho ea nang le tsebo ea mesebetsi ea matsoho kapa ho na le ea batlang ho ithuta ho ba seng ba ntse ba e tseba, o lokela ho etsang? Kaofela ha rona re ka etsa’ng hore Holo ea ’Muso e lule e le maemong a matle?
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) kr khao. 12 ¶9-15, mabokose a ho maq. 122-123; 130-131
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 125 le Thapelo