PHELA JOALOKA MOKRESTE
Ho Hlokomela Libaka Tseo re Tšoarelang Liboka ho Tsona
Ho Hlokomela Libaka Tseo re Tšoarelang Liboka ho Tsona Liholo Tsa ’Muso ha se mehaho feela tjee, empa ke mehaho e nehetsoeng ho Jehovah. E mong le e mong oa rona a ka etsa’ng ho hlokomela Holo ea ’Muso? Bapala video ea Ho Hlokomela Libaka Tseo re Tšoarelang Liboka ho Tsona ebe u botsa lipotso tse latelang.
Ke hobane’ng ha re hloka ho ba le Liholo Tsa ’Muso?
Ke hobane’ng ha Liholo Tsa ’Muso li lokela ho lula li hloekile li bile li shebahala hantle?
Ke mang ea hlokomelang Holo ea ’Muso?
Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho lula u sireletsehile ha u sebetsa Holong ea ’Muso, hona u bone mehlala efe videong ee?
Re ka rorisa Jehova joang ka menehelo ea rona?