PHELA JOALOKA MOKRESTE
Bakreste ba ’Nete ba Tsebahala ka Lerato Kaha ba Qoba Boithati le Khalefo
KE HOBANE’NG HA HO LE BOHLOKOA: Jesu o rutile hore barutuoa ba hae ba tla tsebahala ka ho ba le lerato. (Joh 13:34, 35) E le hore re bontše lerato joaloka Jesu, re lokela ho ameha ka lithahasello tsa ba bang hape re qobe ho khopeha habonolo.—1Ko 13:5.
KAMOO RE KA HO ETSANG KATENG:
Haeba e mong a bua kapa a etsa ntho e u utloisang bohloko, leka ho nahana hore na ke hobane’ng ha a buile kapa a entse ntho eo. Nahana hore na e be liphello tsa tsela eo u batlang ho sebetsana le taba eo ka eona e tla ba life.—Lipr 19:11
Hopola hore kaofela ha rea phethahala ’me ka linako tse ling re etsa le ho bua lintho tseo hamorao re ikoahlaelang tsona
Potlakela ho lokisa litaba
SHEBELLANG VIDEO E RENG “EBANG LE LERATO HAR’A LONA”—QOBANG BOITHATI LE KHALEFO, EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:
Mor’abo rona Mohau o ile a itšoara joang ha a utloa tlhahiso ea mor’abo rona Teboho?
Taba ea hore mor’abo rona Teboho o ile a nahana pele a bua, e mo thusitse joang hore a se ke a halefa?
Ke joang karabo e bonolo ea mor’abo rona Teboho e ileng ea tima hlaha e neng e kunkela?
Phutheho e rua molemo joang ha re khoba matšoafo tlas’a maemo a halefisang?