La 24 February–La 1 March
GENESE 20-21
Pina ea 108 le Thapelo
Selelekela (1 mots.)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Kamehla Jehova o Phethahatsa Litšepiso Tsa Hae”: (10 mets.)
Gen 21:1-3—Sara o ile a ima ’me a tsoala mora (wp17.5 14-15)
Gen 21:5-7—Jehova o ile a etsa ntho eo ho neng ho bonahala eka e ke ke ea khoneha
Gen 21:10-12, 14—Abrahama le Sara ba ne ba e-na tumelo e matla ea hore Jehova o tla phethahatsa tšepiso eo a ba etselitseng eona ka Isaka
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (10 mets.)
Gen 20:12—Ke joang Sara e neng e le khaitseli ea Abrahama? (wp17.3 12, naletsana.)
Gen 21:33—Abrahama o ile “a ipiletsa lebitsong la Jehova” joang? (w89 7/1 20 ¶9)
’Malong oa Bibele oa bekeng ee, u ithutile’ng ka Jehova? Ke lintlha life tseo u ka ratang ho li sebelisa tšimong kapa tse ling feela tseo u li ratileng?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Gen 20:1-18 (th khaolo ea 5)
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Video ea Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Puisano. Bapala video ea leeto la bobeli la ho boela ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang: Mohoeletsi o ile a hatisa bohlokoa ba lengolo joang? Video ee e re bontša mohlala ofe o motle oo re ka o etsisang ha re fumana motho ea thabelang molaetsa oa rona?
Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho. (th khaolo ea 4)
Thuto ea Bibele: (5 mets. kapa ka tlaase ho moo) bhs 35 ¶19-20 (th khaolo ea 3)
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Tlaleho ea Tšebeletso ea Selemo le Selemo: (15 mets.) Puo e fanoang ke moholo. Kamor’a ho bala tlaleho ea selemo le selemo e tsoang ofising ea lekala, buisana le bahoeletsi bao u ba khethileng ba nang le lipale tse monate tsa lintho tse etsahetseng tšimong selemong se fetileng sa tšebeletso.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) ia khao. 4 ¶16-31 le lipotso tse leqepheng la 41
Phethela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
Pina ea 56 le Thapelo