MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | GENESE 24
Isaka o Fumana Mosali
Mohlanka oa Abrahama o ile a kopa thuso ho Jehova ha a il’o batlela Isaka mosali. (Gen 24:42-44) Ka tsela e tšoanang, le rona re lokela ho kopa thuso ea Jehova ha re etsa liqeto bophelong. Re ka kopa tataiso joang?
Ka ho rapela
Ka ho batla tataiso Lentsoeng la Molimo le lingoliloeng tsa mokhatlo
Le ka ho kopa thuso ho Bakreste-’moho le rona ba latelang tataiso ea Jehova bophelong ba bona