La 14-La 20 September
EXODA 25-26
Pina ea 18 le Thapelo
Selelekela (1 mots.)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Ntho ea Bohlokoa ka ho Fetisisa Tabernakeleng”: (10 mets.)
Ex 25:9—Jehova o ile a fa Moshe litaelo tse hlakileng tsa hore na a etse areka ea selekane joang (it-1-E 165)
Ex 25:21—Areka e ne e halalela ’me ka har’a eona ho ne ho na le Melao e Leshome (it-1-E 166 ¶2)
Ex 25:22—Areka e ne e amahanngoa le hore Molimo o teng (it-1-E 166 ¶3)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (10 mets.)
Ex 25:20—E ka ’na eaba ke hobane’ng ha likerubime li ne li le ka tsela eo li neng li behiloe ka eona ka holim’a sekoahelo sa Areka? (it-1-E 432 ¶1)
Ex 25:30—“Bohobe ba pontšo” e ne e le eng? (it-2-E 936)
’Malong oa Bibele oa bekeng ee, u ithutile’ng ka Jehova? Ke lintlha life tseo u ka ratang ho li sebelisa tšimong kapa tse ling feela tseo u li ratileng?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Ex 25:23-40 (th khaolo ea 5)
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Video ea Leeto la ho Boela: (5 mets.) Puisano. Bapala video ebe kamor’a moo u botsa bamameli lipotso tse latelang: Mohoeletsi o ile a bontša joang hore ke motho ea nahanelang? Le hoja mohoeletsi a buisane hantle le mong’a ntlo, a ka be a entse’ng hape e le hore a tle a khone ho fa mong’a ntlo sengoliloeng se hlahang ho Teaching Toolbox?
Leeto la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho. (th khaolo ea 8)
Leeto la ho Boela: (5 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho ebe u fa mong’a ntlo sengoliloeng se hlahang ho Teaching Toolbox? (th khaolo ea 11)
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Seo Mokhatlo o se Finyeletseng: (5 mets.) Bapala video ea Seo Mokhatlo o se Finyeletseng ea September.
Litlhoko Tsa Phutheho: (10 mets.)
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) ia. khao. 19 ¶17-31, lebokose le leqepheng la 170 le lipotso tse leqepheng la 171
Phethela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
Pina ea 30 le Thapelo