MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | EXODA 35-36
Ba ile ba Koetlisetsoa ho Etsa Mosebetsi oa Jehova
Moea oa Molimo o ile oa thusa Bezaliele le Oholiabe hore ba etse tabernakele ka tsela eo Jehova a neng a laetse hore e etsoe ka eona. (Bona setšoantšo se leqepheng le qalang.) Moea oa Jehova o ntse o ka thusa bahlanka ba hae le kajeno. U ka etsa’ng e le hore o u thuse?
Re lokela ho rapella moea oa Molimo hore o re thuse ho sebelisa bokhoni ba rona ka hohle kamoo re ka khonang bakeng sa tšebeletso ea Jehova
Re lokela ho ithuta Lentsoe la Molimo
Mosebetsi ofe kapa ofe oo re o fuoeng re lokela ho o etsa ka pelo eohle
Ke mesebetsi efe eo Jehova a ka re thusang hore re e etse?