Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb20 December leq. 8
  • Tsoelang Pele ho Sebelisa Limakasine

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsoelang Pele ho Sebelisa Limakasine
  • Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsamaisa Limakasine Tšebeletsong ea Hao
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Sebelisa Limakasine Tsa Rōna Hamolemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Limakasine li Tsebahatsa ’Muso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Behella Nako ea Mosebetsi oa Limakasine ka Thōko
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
Bala Tse Ling
Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
mwb20 December leq. 8
Morali oa bo rona o bua le ’mè ka lintho tse hlahang ka har’a ‘Tsoha!’

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Tsoelang Pele ho Sebelisa Limakasine

Haesale ho tloha ka 2018, limakasine tsa batho bohle li na le sehlooho se le seng makasine ka ’ngoe. Limakasine tsena ke karolo ea Teaching Toolbox. Kahoo, re ka li sebelisa tšimong. Re ka ba ra nka tse ling ha re ea leetong kapa ha re ea mabenkeleng. Ha re sebelise limakasine bakeng sa ho ithuta Bibele le batho empa li ka etsa hore ba batle ho ithuta haholoanyane ka Molimo.

Ka mor’a ho qala moqoqo le motho, u ka mo bontša temana ea Bibele ebe u bua ka sehlooho sa makasine seo motho eo u qoqang le eena a ka se ratang. Mohlala, ha re re u bua le motho ea holisang bana, ea sa tsoa hlokahalloa ke motho eo a mo ratang kapa ea nang le stress, u ka re: “Hona le sehlooho se seng se monate seo nkileng ka se bala se buang ka taba ena, na u ka rata hore ke u bontše sona?” Haeba ka lekhetlo la pele u bona a ratile moqoqo, u ka mo fa makasine o hatisitsoeng kapa oo a ka o balang sesebelisoeng sa hae sa elektronike. Leha ho le joalo, morero ha se ho fana ka limakasine tse ngata feela, empa limakasine li ka re thusa ho fumana batho ba hlileng ba ratang ho mamela Molimo.​—Lik 13:48.

2018

Lihlooho tsa ‘Molula-qhooa’ le tsa ‘Tsoha!’ tsa 2018. 1. ‘Na Bibele e sa na le Thuso?’ 2. ‘Bophelo bo Tla ba Joang ka Moso?’ 3. ‘Na Molimo oa U Tsotella?’ 4. ‘U ka Etsa’ng Hore U Thabe?’ 5. ‘Lintho Tse 12 Tse ka Thusang Malapa ho Thaba.’ 6. ‘U ka Thusoa Ke’ng ha U Siame?’

2019

Lihlooho tsa ‘Molula-qhooa’ le tsa ‘Tsoha!’ tsa 2019. 1. ‘Molimo ke Mang?’ 2. ‘Ebe ke sa Phelela’ng?’ 3. ‘Na re ne re Bopetsoe ho Phela Tjee?’ 4. ‘Na re Tla Phela re sa Tšoha?’ 5. ‘Ruta Ngoana oa Hao Lithuto Tsena Tse Tšeletseng.’ 6. ‘Na Bibele e ka re Thusa Bophelong?’

2020

Lihlooho tsa ‘Molula-qhooa’ le tsa ‘Tsoha!’ tsa 2020. 1. ‘Na ’Nete e sa le Teng Lefatšeng?’ 2. ‘ ’Muso oa Molimo Ke’ng?’ 3. ‘Litlhohonolofatso Tse sa Feleng Tse Tsoang ho Molimo.’ 4. ‘U ka Thusoa Ke’ng ha U E-na le Stress?’ 5. ‘Ke Hobane’ng ha re Utloa Bohloko?’ 6. ‘Na pheko e Teng Bakeng sa Khethollo?’

Batho ba tšimong ea lona ba rata ho qoqa ka litaba life?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela