PHELA JOALOKA MOKRESTE
Re Leboha Molimo le Kreste ka Tokoloho ea Nakong e Tlang
Ke mathata afe ao u nang le oona? Na u hlooho ea lelapa ’me u na le lintho tse ngata tseo u lokelang ho li etsa? Na u holisa bana u le mong ’me u sebetsa ka thata e le hore u ba hlokomele? Na u ngoana oa sekolo ’me lithaka tsa hao ha li u tšoare hantle? Na oa kula kapa ho na le lintho tseo u seng u sa khone ho li etsa ka lebaka la botsofali? Kaofela re na le mathata. Bakreste ba bangata ba ba le mathata a sa tšoaneng ka nako e le ’ngoe. Leha ho le joalo rea tseba hore haufinyane Jehova o tla felisa mathata ao re nang le oona.—2Ko 4:16-18.
Ho fihlela nako eo e fihla, re khothatsoa ke ho tseba hore Jehova o utloisisa mathata a rona, o ananela botšepehi le ho mamella ha rona ebile o tla re hlohonolofatsa haholo. (Jer 29:11, 12) Jesu le eena oa re rata. Re kholisehile hore ‘o na le rona’ ha re ntse re sebeletsa Jehova. (Mat 28:20) Kahoo, ha re ipha nako ea ho nahanisisa ka tokoloho eo re tla e fumana ’Musong oa Molimo, re ba le tšepo e matla ’me re ikemisetsa le ho feta hore re mamelle mathata ao re nang le oona hona joale.—Bar 8:19-21.
SHEBELLANG VIDEO EA TSEPAMISA KELELLO HO JESU!—LITLHOHONOLOFATSO TSA NAKONG E TLANG, EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:
Batho ba ile ba aroha ho Molimo joang, hona litla-morao e ile ea ba life?
Batho ba tšepahallang Jehova ba tla ba le bokamoso bo joang?
Litlhohonolofatso tsee tse babatsehang li tla ba teng joang?
Ke litlhohonolofatso life tseo re tl’o li fumana lefatšeng le lecha tseo u li lebeletseng ka tjantjello?
Ipone u se u le lefatšeng le lecha