Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb24 January maq. 6-7
  • La 22-28 January

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • La 22-28 January
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2024
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2024
mwb24 January maq. 6-7

LA 22-28 JANUARY

JOBO 38-39

Pina ea 11 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. Na u Ipha Nako ea ho Sheba Popo?

(10 mets.)

Ka mor’a hore Jehova a bope lefatše, o ile a ipha nako ea ho sheba mosebetsi oa hae (Ge 1:​10, 12; Job 38:​5, 6; w21.08 9 ¶7)

Mangeloi a ile a ipha nako ea ho sheba popo ea Jehova (Job 38:7; w20.08 14 ¶2)

Re ka tšepa Jehova haholoanyane ha re ipha nako ea ho sheba le ho ananela lintho tseo a li bopileng (Job 38:​32-35; w23.03 17 ¶8)

’Mè le morali oa hae ba thabetse ho bona ha serurubele se fofa.

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Job 38:​8-10—Litemana tsee li re ruta’ng ka Jehova joaloka Mofani oa Molao? (it-2-E 222)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Job 39:​1-22 (th khaolo ea 5)

E-BA MAFOLO-FOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(2 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Ka mosa khaotsa moqoqo haeba u hlokomela hore motho eo u lekang ho bua le eena ha a batle ho bua le uena. (lmd thuto ea 2 ntlha ea 3)

5. Khutlela ho Batho

(5 mets.) KA NTLO LE NTLO. Leetong la pele, mong’a ntlo o ile a u bolella hore o sa tsoa shoeloa ke motho eo a mo ratang. (lmd thuto ea 9 ntlha ea 3)

6. Puo

(5 mets.) lmd lintlha tsa A, ntlha ea 1—Sehlooho: Lintho Tse Etsahalang le Tsela eo Batho ba Itšoereng ka Eona e Bontša Hore Haufinyane Lintho li Tla Fetoha. (th khaolo ea 16)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 111

7. Ho Sheba Lintho Tse Bopiloeng ho re Thusa Hore re se ke ra Ameha ka Rona Feela

(15 mets.) Puisano.

Jobo o ntse a nahanisisa ka liphoofolo tse hlollang tseo Jehova a li bopileng tse kang: kubu, mokotatsie, mpshe, koena, ntsu, pere le poho e hlala. Elihu le batšelise ba bararo ba bohata ba lutse pel’a Jobo ’me sefefo se matla se ntse se tla ho bona.

Jobo o ile a imeloa haholo ke mathata ao a neng aa bakeloa ke Satane le mashano ao metsoalle ea hae e meraro e ileng ea a bua.

Bala Jobo 37:14 ebe u botsa bamameli potso ena:

Jobo o ne a lokela ho etsa’ng ho matlafatsa tumelo ea hae?

Ha re imetsoe ke mathata, ho sheba lintho tse bopiloeng ho ka re thusa ho hopola hore Jehova o na le matla a ho re thusa. Ho ka boetse ha re thusa hore re batle ho mo tšepahalla le ho etsa hore re kholisehe le ho feta hore o na le matla a ho re hlokomela.—Mat 6:26.

Shebellang VIDEO ea Re Ithuta’ng ka Botšepehi Lengolong la Jobo—Liphoofolo ebe u botsa bamameli potso ena:

Video ee e u thusitse joang hore u tšepe Jehova haholoanyane?

8. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) rr khao. 5 ¶1-8, karolo ea 2 le video ea selelekela

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 54 le Thapelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela