Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb24 September maq. 10-11
  • La 7-13 October

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • La 7-13 October
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2024
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2024
mwb24 September maq. 10-11

LA 7-13 OCTOBER

PESALEME EA 92-95

Pina ea 84 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mets.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. Ho Sebeletsa Jehova ke Qeto e Bohlale ka ho Fetisisa eo Motho a ka e Etsang Bophelong

(10 mets.)

Jehova o lokeloa ke ho rorisoa (Ps 92:​1, 4; w18.04 26 ¶5)

O thusa batho ba hae hore ba iketsetse liqeto ’me ba thabe (Ps 92:5; w18.11 20 ¶8)

Jehova o ananela batho ba mo sebeletsang le ha ba se ba tsofetse (Ps 92:​12-15; w20.01 19 ¶18)

Litšoantšo: 1. Ngoanana oa rapela. 2. Oa kolobetsoa.

IPOTSE, ‘Ke’ng e nthibelang ho inehela ho Jehova le ho kolobetsoa?’

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Ps 92:5—Ke joang mantsoe aa a hlalosang ka ho hlaka bohlale ba Jehova? (cl 176 ¶18)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Ps 94:​1-23 (th khaolo ea 5)

E-BA MAFOLO-FOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Batla monyetla oa ho bolella motho eo u ntseng u qoqa le eena ka mosebetsi oo u o etsang oa ho ruta batho Bibele. (lmd thuto ea 5 ntlha ea 3)

5. Khutlela ho Batho

(3 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Kopa ho ithuta Bibele le motho ea neng a se na thahasello nakong e fetileng. (lmd thuto ea 8 ntlha ea 4)

6. Ho Etsa Barutuoa

(5 mets.) Buisana le motho eo u ithutang Bibele le eena ea sa etseng liphetoho. (lmd thuto ea 12 ntlha ea 5)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 5

7. Ha Bacha ba Imeloa ke ho Tšoenyeha

(15 mets.) Puisano.

Ngoanana o shebile fatše a nyahame.

Ho sebeletsa Jehova ha ho bolele hore motho a ke ke a tšoenyeha. Ka mohlala, ka linako tse ling Davida o ne a e-na le ho tšoenyeha. Ka ho tšoanang, bara ba bo rona ba bangata kajeno ba sebetsana le bothata bona. (Ps 13:2; 139:23) Ka masoabi, bothata bona bo ama le bacha. Ka linako tse ling, ho tšoenyeha haholo ho ka etsa hore ho etsa lintho tse tloaelehileng joaloka ho ea sekolong le ho ea libokeng ho be boima. Sena se ka baka ho tšoha ho feteletseng (panic attacks) kapa ha baka maikutlo a ho batla ho ipolaea.

Bacha, haeba le ikutloa le tetebetse ke ho tšoenyeha haholo, le buisane le batsoali kapa motho e mong e moholo. Kopa Jehova hore a u thuse ka thapelo. (Baf 4:6) O tla u thusa. (Ps 94:​17-19; Esa 41:10) Nahana ka mohlala oa Mor’abo rona Steing.

Shebellang VIDEO ea Jehova o Ile a Ntsotella. Ka mor’a moo, u botse bamameli lipotso tsena:

• Ke lengolo lefe le thusitseng Mor’abo rona Steing hona hobane’ng?

• Jehova o mo thusitse joang?

Ngoanana ea neng a nyahame o joetsa batsoali ba hae hore na o ikutloa joang. Batsoali ba hae ba mo mametse ka hloko.

Batsoali, le ka thusa bana ba lona ho loantšana le ho tšoenyeha ka hore le ba mamele, le ba bontše hore lea ba rata ’me le ba thuse ho tšepa Jehova. (Tit 2:4; Jak 1:19) Tšepang hore Jehova o tla le tšelisa a be a le fe matla ao le a hlokang ho tšehetsa bana ba lona.

Ha se kamehla re ka tsebang haeba motho e mong ka phuthehong a sebetsana le ho tšoenyeha haholo kapa ra utloisisa hore na o ikutloa joang. Leha ho le joalo re ka etsa hore bohle ka phuthehong ba ikutloe ba ratoa ba bile ba amohelehile.—Pr 12:25; Heb 10:24.

8. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) rr khao. 15 ¶15-17 le lebokose la 15A

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 81 le Thapelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela