Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb24 November maq. 2-16
  • La 4-10 November

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • La 4-10 November
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2024
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2024
mwb24 November maq. 2-16

LA 4-10 NOVEMBER

PESALEME EA 105

Pina ea 3 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

Naha e Tšepisitsoeng. Litšoantšo: 1. Abrahama. 2. Isaka. 3. Jakobo.

1. “O Hopola Selekane sa Hae ka ho sa Feleng”

(10 mets.)

Jehova o ile a etsa selekane le Abrahama, a boela a se etsa le Isaka le Jakobo (Ge 15:18; 26:3; 28:13; Ps 105:8-11)

Tšepiso eo e ne e ka bonahala eka e ke ke ea phethahala (Ps 105:12, 13; w23.04 28 ¶11-12)

Jehova ha a ka a lebala selekane seo a neng a se entse le Abrahama (Ps 105:42-44; it-2-E 1201 ¶2)


IPOTSE, ‘Ho tseba hore Jehova oa tšepahala ho etsa hore ke ikutloe joang?’

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Ps 105:17-19—“Lintho tseo Jehova a li buileng” li ile tsa etsa Josefa motho ea molemo joang? (w86 11/1 19 ¶15)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Ps 105:24-45 (th khaolo ea 5)

E-BA MAFOLO-FOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(1 mots.) KA NTLO LE NTLO. Mong’a ntlo o phathahane. (lmd thuto ea 2 ntlha ea 5)

5. Ha u Qala Moqoqo

(2 mets.) KA NTLO LE NTLO. Khaotsa moqoqo ka tsela e bonolo ha motho a qala ho ngangisana le uena. (lmd thuto ea 4 ntlha ea 5)

6. Khutlela ho Batho

(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. Efa mong’a ntlo makasine o buang ka taba eo a ileng a bontša thahasello ho eona nakong e fetileng. (lmd thuto ea 8 ntlha ea 3)

7. Khutlela ho Batho

(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Bontša motho JW Library® app ’me u mo thuse ho e daonlouda. (lmd thuto ea 9 ntlha ea 5)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 84

8. Bontša Hore u Rata Mora oa Molimo

(15 mets.) Puisano.

Ha re tšehetsa mesebetsi ea ’Muso oa Molimo ka chelete, nako le matla a rona, re bontša hore re rata Mora eo Jehova a mo entseng Morena e leng Kreste Jesu. Ha re bontša hore re rata Kreste Jesu ka tsela ena, ho thabisa Jehova ebile ho tsoela bara le barali ba bo rona molemo. (Joh 14:23) Lihlooho tse hlahang ho jw.org tlas’a karolo ea “Monehelo oa Hao o Sebelisoa Joang?” li bontša kamoo menehelo ea rona e thusang bana ba bo rona haholo ka teng lefatšeng lohle.

Letsoho la motho le kenya chelete ka lebokoseng la monehelo. Litšoantšo: 1. Mor’abo rona o ka pel’a moahloli. 2. Morali oa bo rona o sebetsa lefapheng la kaho. 3. Morali oa bo rona o shebelletse video ea puo ea matsoho.

Shebellang VIDEO ea Menehelo ea Lona e Thusa Haholo ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang:

  • Menehelo e sebelisitsoeng ho sireletsa borapeli ba rona e thusitse bana ba bo rona joang?

  • Ke joang ho arolelanoa ha menehelo ho thusang ha ho hahoa Liholo Tsa ’Muso?—2Ko 8:14

  • Ke melemo efe e bileng teng ha ho sebelisoa menehelo ho tšehetsa mosebetsi oa ho fetolela Bibele ka lipuo tse ngata?

Ithute ho Eketsehileng Websaeteng ea Rona

Letsoho la motho le kenya chelete ka lebokoseng la monehelo.

U ka ntša monehelo joang ho tšehetsa mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova? Qetellong ea leqephe le qalang ho JW Library app tobetsa ho “Donations”. Linaheng tse ngata, u tla fumana moo u ka tobetsang FAQ e tla u lebisa leqepheng le nang le sehlooho se reng Ho Romela Menehelo ho Lipaki Tsa Jehova—Lipotso Tse Botsoang Hangata.

9. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) rr khao. 16 ¶14-20 le lebokose la 16B

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 97 le Thapelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela