Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb24 November maq. 14-16
  • La 30 December 2024–la 5 January 2025

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • La 30 December 2024–la 5 January 2025
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2024
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2024
mwb24 November maq. 14-16

LA 30 DECEMBER, 2024–LA 5 JANUARY, 2025

PESALEME EA 120-126

Pina ea 144 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

Baiseraele ba thabile hobane ba kotutse koro e ngata.

Baiseraele ba lopollotsoeng ba kotula ba thabile hobane Jehova o hlohonolofalitse mosebetsi oa bona o boima

1. Ba Ile ba Jala ba Lla empa ba Kotula ba Thabile

(10 mets.)

Baiseraele ba ne ba thabile ha ba ne ba lokolloa botlamuoeng Babilona hore ba e’o tsosolosa borapeli ba ’nete (Ps 126:1-3)

Ba ileng ba khutlela Judea ba ile ba lla ka lebaka la mosebetsi o boima oo ba neng ba lokela ho o etsa (Ps 126:5; w04 6/1 16 ¶10)

Batho ba ileng ba sebetsa, ba ile ba hlohonolofatsoa (Ps 126:6; w21.11 24 ¶17; w01 7/15 18-19 ¶13-14; sheba se ka ntle)

Baiseraele ba sebetsa ka thata ho lema. E mong oa jala ha e mong a phethola mobu.

NAHANISISA KA SENA: Ka mor’a ho pholoha Armagedone, ke mathata afe ao re tla ba le ona ha re ntse re nchafatsa lefatše? Re tla fumana litlhohonolofatso life?

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Ps 124:2-5—Na re ka lebella hore Jehova a re sireletse hore batho ba se ke ba re ntša kotsi joalokaha a ile a sireletsa sechaba sa Iseraele? (cl 73 ¶15)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Ps 124:1–126:6 (th khaolo ea 5)

E-BA MAFOLO-FOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. (lmd thuto ea 3 ntlha ea 5)

5. Khutlela ho Batho

(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. Nakong e fetileng, motho eo u buang le eena o ne a sa kholiseha ka seo Bibele e se buang. (lmd thuto ea 9 ntlha ea 5)

6. Ho Etsa Barutuoa

(5 mets.) lff thuto ea 16, selelekela le ntlha ea 1-3 (lmd thuto ea 11 ntlha ea 3)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 155

7. Thabela Litšepiso Tsa Molimo

(15 mets.) Puisano.

Jehova o ile a phethahatsa seo a neng a se tšepisitse batho ba hae ba neng ba le botlamuoeng Babilona. O ile a ba pholosa le ho ba tšoarela. (Esa 33:24) O ile a ba sireletsa le liphoofolo tsa bona hore li se ke tsa hlaseloa ke litau le libata tse ling tse neng li se li eketsehile nakong eo batho ba neng ba le sieo. (Esa 65:25) Ba ne ba tla thabela ho phela matlong a bona le ho ja litholoana tsa lirapa tsa merara ea bona. (Esa 65:21) Molimo o ile a hlohonolofatsa mosebetsi oa bona ’me ba thabela ho phela nako e telele.—Esa 65:22, 23.

Litšoantšo tse hlahang videong ea “Thabisoang ke Litšepiso Tsa Molimo Tsa Hore o Tla re fa Khotso—Karoloana.” Litšoantšo: 1. Bara le barali ba bo rona ba thabetse pikiniki hammoho. 2. Lithaba le meru. 3. Daniele ea tsositsoeng bafung o tsamaea ka har’a moru. 4. Banyalani ba aka morali oa bona e monyenyane ea tsositsoeng bafung. 5. Litholoana le meroho. 6. Phororo.

Waterfall: Maridav/stock.adobe.com; mountains: AndreyArmyagov/stock.adobe.com

Shebellang VIDEO ea Thabisoang ke Litšepiso Tsa Molimo Tsa Hore o Tla re fa Khotso—Karoloana ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang:

  • Ke ka litsela life re bonang boprofeta bona bo phethahala mehleng ee?

  • Ke joang litšepiso tseo li tl’o phethahala ka ho feletseng lefatšeng le lecha?

  • U batla ho bona life ha li phethahala?

8. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) rr khao. 19 ¶7-15

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 58 le Thapelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela