Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb25 January maq. 2-3
  • La 6-12 January

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • La 6-12 January
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2025
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2025
mwb25 January maq. 2-3

LA 6-12 JANUARY

PESALEME EA 127-134

Pina ea 134 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. Batsoali, Tsoelang Pele ho Hlokomela Bana ba Lona

(10 mets.)

Batsoali, kholisehang hore Jehova o tla le thusa ho hlokomela ba malapa a lona ka lintho tseo ba li hlokang (Ps 127:​1, 2)

Bana ke lefa le tsoang ho Jehova (Ps 127:3; w21.08 5 ¶9)

Koetlisa ngoana e mong le e mong ho ea ka tlhoko ea hae (Ps 127:4; w19.12 26-27 ¶20)

Ntate o ruta bana ba hae ba babeli ka bukana ea “My Bible Lessons.” Bana bao ba ipona ba bapala le tlou le tšoene Paradeiseng.

Jehova oa ananela ha batsoali ba itšetleha ka eena ha ba ntse ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho thusa bana ba bona

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Ps 128:3—Ke hobane’ng ha mopesaleme a bapisa bara le mahlomela a sefate sa mohloaare? (it-1-E 543)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Ps 132:​1-18 (th khaolo ea 2)

E-BA MAFOLO-FOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. (lmd thuto ea 1 ntlha ea 3)

5. Ha u Qala Moqoqo

(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Motho eo u buang le eena o bua ka ntho e sa lumellaneng le seo Bibele e se rutang. (lmd thuto ea 5 ntlha ea 4)

6. Ha u Etsa Barutuoa

(5 mets.) lff khaolo ea 16 ntlha ea 4-5. Buisana le motho eo u ithutang Bibele le eena ka litlhophiso tseo u li entseng e le hore a tsoele pele ho ithuta ha u le sieo. (lmd thuto ea 10 ntlha ea 4)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 13

7. Batsoali, na le Behela Bana ba Lona Mohlala o Motle?

(15 mets.) Puisano.

Mokhatlo oa Jehova o entse lihlooho, livideo le lingoloa tse ngata ho thusa batsoali hore ba rute bana ba bona ka Jehova. Leha ho le joalo, ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore batsoali ba behele bana ba bona mohlala o motle.—De 6:​5-9.

Jesu o ile a behela barutuoa ba hae mohlala.

Bala Johanne 13:​13-15 ebe u botsa bamameli potso ena:

  • Ke hobane’ng ha u ka re tsela ea Jesu ea ho ruta ka ho beha mohlala e ne e le e sebetsang?

Liketso tsa hao joaloka motsoali li ka bontša bana ba hao hore lintho tseo u ba bolellang tsona ke tsa bohlokoa. Kahoo, ha u behela bana ba hao mohlala o motle ba tla batla ho mamela lintho tseo u ba rutang tsona.

Litšoantšo: Litšoantšo tse videong ea “Ho Ruta Bana ba Rona ka ho ba Behela Mohlala.” 1. Lelapa la Garcia le ka koloing le ea libokeng. 2. Ba lutse tafoleng ka mor’a liboka. Ba qoqa hamonate. 3. Mor’a bo rona Garcia o tlohella ntho eo a ntseng a e etsa hore a bue le morali oa hae. 4. Mor’a le Morali oa bo rona Garcia ba behela morali e mong oa bona mabaka ba sebelisa Bibele.

Shebellang VIDEO ea Ho Ruta Bana ba Rona ka ho ba Behela Mohlala. Ka mor’a moo u botse bamameli lipotso tse latelang:

  • Ke lintho life tsa bohlokoa tseo Mora le Morali oa bo rona Garcia ba li rutileng barali ba bona?

  • Video ee e u thusa joang hore u tsoele pele ho ruta bana ba hao ka hore u ba behele mohlala o motle?

Ka mohlala oa hao u ka ruta bana ba hao ho . . .

  • etsa liqeto tse nepahetseng mabapi le boithabiso, ho sebelisa joala le marang-rang

  • etsa hore ho sebeletsa Jehova e be eona ntho e tlang pele bophelong ba bona

  • hlompha molekane le ho mo rata

8. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) rr khao. 19 ¶16-21 le lebokose la 19B

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 73 le Thapelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela