Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb25 January maq. 14-15
  • La 24 February–la 2 March

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • La 24 February–la 2 March
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2025
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2025
mwb25 January maq. 14-15

LA 24 FEBRUARY–LA 2 MARCH

LIPROVERBIA 2

Pina ea 35 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. Ke Hobane’ng ha u Lokela ho Rata ho Etsa Thuto ea Botho?

(10 mets.)

U tla be u bontša hore u ananela ’nete (Pr 2:​3, 4; w22.08 19 ¶16)

Ho tla u thusa ho etsa liqeto tse bohlale (Pr 2:​5-7; w22.10 19 ¶3-4)

Ho tla matlafatsa tumelo ea hao (Pr 2:​11, 12; w16.09 23 ¶2-3)

Monna oa Moiseraele o ntse a cheka ka peke a le ka lehaheng.

IPOTSE, ‘Nka ntlafatsa tsela eo ke etsang thuto ea ka ea botho ka eona joang?’

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Pr 2:7—Ke joang Jehova e leng “thebe bakeng sa ba tšepahalang”? (it-1-E 1211 ¶4)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Pr 2:​1-22 (th khaolo ea 12)

E-BA MAFOLO-FOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. Bontša mong’a ntlo hore na a ka sebelisa jw.org joang ho fumana sehlooho se ka thusang banyalani. (lmd thuto ea 1 ntlha ea 3)

5. Khutlela ho Batho

(3 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Fa motho eo u ileng oa bua le eena nakong e fetileng makasine o buang ka taba eo a ileng a bontša thahasello ho eona. (lmd thuto ea 9 ntlha ea 3)

6. Puo

(5 mets.) lmd lintlha tsa A, ntlha ea 8—Sehlooho: Monna le Mosali ba Lokela ho Tšepahallana. (th khaolo ea 13)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 96

7. Batla Matlotlo

(15 mets.) Puisano.

Mocha, na u rata ho batla matlotlo a patiloeng? Haeba ho joalo, Bibele e na le matlotlo a bohlokoa ka ho fetisisa ao u ka a fumanang e leng ho tseba Molimo. (Pr 2:​4, 5) U ka fumana matlotlo ana ka hore u bale Bibele kamehla le hore u leke ho etsa lipatlisiso ka lintlha tseo u balang ka tsona. Ha u etsa joalo u tla thaba u be u ithute lintho tse ngata.

  • U ka ipotsa lipotso life ha u ntse u bala Bibele? (w24.02 32 ¶2-3)

  • Ke lithulusi life tse ka u thusang hore u fumane likarabo?

Moshanyana ea apereng liphahlo tsa bafuputsi o bula lebokose le tšetseng matlotlo a thabile.

Livideo tsa Ithute ho Metsoalle ea Jehova li ka u thusa ho nahanisisa ka seo u ithutileng sona ka Bibeleng.

Mor’abo rona ea mocha o ntse a etsa thuto ea botho, o behile bukana ea “Na Lintho Tse Phelang li Bopiloe?” tafoleng.

Shebellang VIDEO ea Ithute ho Metsoalle ea Jehova—Abele.

Bala Genese 4:​2-4 le Baheberu 11:4 ebe u botsa bamameli lipotso tsena:

  • Abele o ile a etsa’ng ho bontša hore ke motsoalle oa Jehova?

  • Abele o ile a etsa’ng hore a be le tumelo e matla ho Jehova?

  • U ka etsa’ng hore u be le tumelo e matla?

SEO U KA SE ETSANG

Ha u bala Bibele etsa lipatlisiso ka batho, libaka, lintho tseo u balang ka tsona esita le ka lintho tseo u nahanang hore oa li tseba. Ha u bala Bibele ka tsela ena, lintho tseo u ithutang tsona e tla ba tsa sebele ho uena.

8. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) rr khao. 22 ¶10-22

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 102 le Thapelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela