Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb25 March leq. 11
  • La 14-20 April

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • La 14-20 April
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2025
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2025
mwb25 March leq. 11

LA 14-20 APRIL

LIPROVERBIA 9

Pina ea 56 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. E-ba Motho ea Bohlale Eseng Mosomi

(10 mets.)

Mosomi ha a batle ho khalemeloa, ho e-na le hoo o hloea motho ea mo khalemelang (Pr 9:​7, 8a; w22.02 9 ¶4)

Motho ea bohlale o ananela khalemelo le motho ea fanang ka eona (Pr 9:8b, 9; w22.02 12 ¶12-14; w01 5/15 30 ¶1-2)

Bohlale bo tla tsoela motho ea nang le bona molemo empa mosomi o tla kotula litholoana tsa ho soma ha hae (Pr 9:12; w01 5/15 30 ¶5)

Morali oa bo rona ea mocha o mametse ha morali oa bo rona ea holileng a ntse a mo eletsa ha ba le lijong.

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Pr 9:17—“Metsi a utsoitsoeng” ke eng, hona ke hobane’ng ha a le “monate”? (w06 9/15 17 ¶5)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Pr 9:​1-18 (th khaolo ea 5)

E-BA MAFOLO-FOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Khutlela ho Batho

(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. Mong’a ntlo o ne a ile Sehopotsong. (lmd thuto ea 8 ntlha ea 3)

5. Khutlela ho Batho

(4 mets.) BUA LE BATHO KA BIBELE SETERATENG. Nakong e fetileng, u ile oa thusa mong’a ntlo hore a fumane moo Sehopotso se tla tšoareloa teng haufi le moo a lulang. (lmd thuto ea 7 ntlha ea 4)

6. Khutlela ho Batho

(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Nakong e fetileng, u ile oa thusa e mong oa lelapa hore a fumane moo Sehopotso se tla tšoareloa teng haufi le moo a lulang. (lmd thuto ea 8 ntlha ea 4)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 84

7. Na Litokelo Tsa Tšebeletso li u Etsa ea Khethehileng?

(15 mets.) Puisano.

Shebellang VIDEO ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang:

  • Lentsoe “tokelo” le bolela’ng?

  • Batho ba nang le litokelo ka phuthehong ba lokela ho ikutloa joang?

  • Ke hobane’ng ha ho ba le monyetla oa ho sebeletsa batho ba bang ho le bohlokoa ho feta ho ba le maemo?

8. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) w20.01 17 ¶13-19 le lebokose la tlhahlobo

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 42 le Thapelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela