Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb25 May maq. 2-3
  • La 5-11 May

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • La 5-11 May
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2025
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2025
mwb25 May maq. 2-3

LA 5-11 MAY

LIPROVERBIA 12

Pina ea 101 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. Ho Sebetsa ka Thata Hoa Putsa

(10 mets.)

U se ke oa senya nako ka ho phehella lintho tse se nang thuso (Pr 12:11)

Sebetsa ka thata ’me u be ea khothetseng (Pr 12:24; w16.06 30 ¶5)

Ha u sebetsa ka thata u tla fumana moputso (Pr 12:14)

Litšoantšo: Mor’abo rona o mafolofolo ha a etsa mosebetsi oa hae oa ho kenya liphaephe le ha a etsa lintho tsa moea. 1. O tsamaea a nkile lithulusi tsa hae. 2. O sebelisa sepannere ho lokisa phaephe e kholo. 3. O libokeng le lelapa la hae. Eena le morali oa hae ba phahamisitse matsoho bakeng sa ho arabela. 4. O pakela ntate e mong ka pampitšana seteisheneng sa terene.

HOPOLA: Rea khotsofala ha re bona hore ha re sebetsa ka thata, re ruisa batho ba bang molemo.—Lik 20:35; w15 2/1 5 ¶4-6.

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Pr 12:16—Molao-motheo o temaneng ee o ka u thusa joang hore u be motho ea amohelang maemo ha u tobana le mathata? (ijwyp sehlooho sa 95 ¶10-11)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Pr 12:​1-20 (th khaolo ea 5)

E-BA MAFOLO-FOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(2 mets.) KA NTLO LE NTLO. (lmd thuto ea 1 ntlha ea 4)

5. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. Kopa ho ithuta Bibele le motho. (lmd thuto ea 5 ntlha ea 4)

6. Khutlela ho Batho

(3 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Bontša motho ea nang le bana websaete ea rona. (lmd thuto ea 9 ntlha ea 3)

7. Hlalosa Seo u se Lumelang

(3 mets.) Pontšo. ijwfq sehlooho sa 3—Na le Lumela Hore Bolumeli ba Lona ke Bona Feela ba ’Nete? (lmd thuto ea 4 ntlha ea 3)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 21

8. Tšepa Jehova ha u E-na le Mathata a Lichelete

(15 mets.) Puisano.

Na u tšoenyehile ka ho fumana mosebetsi, ho lahleheloa ke oona kapa ho se be le chelete e lekaneng hona joale kapa ha u se u holile? Moruo oa lefatše lena ha oa tsitsa. Leha ho le joalo, Jehova oa re tšepisa hore haeba ho etsa thato ea hae ho tla pele bophelong ba rona, o tla re hlokomela kamehla. O tla re hlokomela le haeba maemo a rona a lichelete a mpefala.—Ps 46:​1-3; 127:2; Mat 6:​31-33.

Setšoantšo se hlahang videong ea “Jehova haa ka a re Tlohela.” Mor’abo rona Alvarado o tšoere letsoho la mosali oa hae baa rapela.

Shebellang VIDEO ea Jehova ha a ka a re Tlohela ebe u botsa bamameli potso e latelang:

  • U ithuta’ng mohlaleng oa Mor’abo rona Alvarado?

Bala 1 Timothea 5:8 ebe u botsa bamameli potso e latelang:

  • Temana ee e matlafatsa tumelo ea hao joang hore Jehova o tla lula a hlokomela barapeli ba hae?

Nahana ka e meng ea melao-metheo ea Bibele e ka u thusang ha u e-na le mathata a lichelete:

  • Khotsofalla lintho tseo u nang le tsona ho latela maemo a hao. Qoba ho reka le ho etsa likoloto ho sa hlokahale.—Mat 6:22

  • Ha u etsa liqeto tse amanang le mosebetsi kapa thuto, etsa tse tla u lumella hore ho etsa thato ea Jehova ho tle pele bophelong ba hao.—Baf 1:​9-11

  • Ikokobetse ’me u tenyetsehe le maemo. Haeba u ka felloa ke mosebetsi, ikemisetse ho etsa mesebetsi e fapaneng e tla u thusa ho hlokomela lelapa la hao le haeba e sa lefe chelete e ngata.—Pr 14:23

  • Ikemisetse ho arolelana le ba bang lintho tseo u nang le tsona, le haeba u se na ho hongata.—Heb 13:16

9. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) w20.03 18 ¶1-10

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 57 le Thapelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela