Selelekela
Na u kile oa utloa eka Molimo ha a arabele lithapelo tsa hao? Haeba ho joalo, ha se uena feela. Batho ba bangata ba ile ba rapella hore Molimo a ba thuse, empa ba ile ba tsoela pele ba e-na le mathata. Lihlooho tse makasineng ona li tla hlalosa hore na ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Molimo o utloa lithapelo tsa rona, ke hobane’ng ha a sa arabele lithapelo tse ling le hore na u ka rapela joang e le hore Molimo a arabe lithapelo tsa hao.