Tlaleho ea Lifatse ka Bophara
◼ OCEANIA
Palo ea linaha: 30
Palo ea baahi: 33 773 304
Palo ea bahoeletsi: 92 691
Palo ea lithuto tsa Bibele: 44 999
Seteisheneng sa terene se libakeng tsa mahaeng tsa New South Wales, Australia, bahoeletsi ba babeli ba ne ba hloma lephephe nako le nako ha ho lebeletsoe e ’ngoe ea literene tse peli tse nkang maeto a malelele. Kaha literene tsena—Indian Pacific le The Ghan—li ema moo ka lihora tse peli, bahoeletsi bana ba ’nile ba thabela lipuisano tse monate le bapalami ’me ba tsamaisitse lingoliloeng tse ngata. Ha e le hantle, ha ba khutla, bapalami ba ’maloa ba ile ba etsa “maeto a ho boela” ho bahoeletsi bana.
Mohlahlobi oa litekete oa The Ghan o atisa ho phatlalatsa lintho leha e le life tse thahasellisang tseo bapalami ba ka li thabelang ha terene e sa ntse e emisitse libakeng tse sa tšoaneng. Kaha o ne a fumane tumello ho bahoeletsi ba ’Muso, joale o se a akarelletsa lephephe la bona la lingoliloeng ha a etsa litsebiso. E, ka lebaka la bohlale ba Lipaki tsena tse ka thōko, baeti ba tsoang hohle Australia le mose ho maoatle ba fumana bopaki bo botle.
Banyalani ba bang ba baromuoa ba lulang Kosrae, Micronesia, ba ile ba tsamaisetsa moruti e mong oa Baptiste ea lilemong tsa bo-80 buka ea Tsebo. Buka eo e ne e le ea Sekosrae, se buuoang ke batho ba ka tlaase ho 10 000. Moruti eo o ile a ananela buka eo. Ha banyalani bana ba khutlela ho eena, a bolela hore o khothalelitse litho tsa kereke ea hae hore li amohele lingoliloeng tsa rōna. Joalokaha ho ka lebelloa, baromuoa bana ba ile ba mo botsa lebaka. A araba: “Hobane bolumeli ba rōna ha bo na libuka tsa puo ea rōna.” Hona joale banyalani bana ba baromuoa ba ba le lipuisano tsa kamehla le moruti enoa ea hōlileng.
Lihlekehlekeng Tsa Marshall, morali e mong oabo rōna oa moromuoa o ile a kōptjoa hore a ithute Lentsoe la Molimo le morali e mong oabo rōna ea seng a sa kopanele tšebeletsong. Ha mosali eo a sa arabele hamolemo, moromuoa o ile a mo botsa: “U ikutloa joang ha batho ba u bolella hore baa u rata?” Mosali eo a araba a maketse a re: “Ha ho motho ea kileng a mpolella hore oa nthata.” Moromuoa a mo kopa ka matsoho ’me a re: “’Na kea u rata. Jehova o u rata le ho feta.” Morali enoa oabo rōna ea seng a sa kopanele tšebeletsong o ile a qala ho lla, ’me ho tloha ka nako eo maikutlo a hae ka Jehova a fetoha. A qala ho hatela pele moeeng ka ho simolla lenaneo la ho bala Bibele kamehla, ho ba teng libokeng tsohle le ho kopanela mosebetsing oa bopula-maliboho bo thusang. Eaba ka January 2002, o kenya kōpo ea ho ba pula-maliboho oa kamehla. Ho tloha ka nako eo o se a qalisitse lithuto tse ngata tsa Bibele a ba a qeta khoeli a paka sehlekehlekeng se ka thōko moo ho nang le tlhokahalo e khōlō.
Ha a ntse a robile monakeli lebōpong la leoatle a e-na le metsoalle, moromuoa e mong oa New Caledonia o ile a fana ka bopaki bo sa reroang ho mosali e mong e mocha oa Fora ea neng a etetse beng ka eena lihlekehlekeng tseo. Mosali eo e ne e le lesole ’me a kile a sebetsa Sarajevo. Moromuoa enoa o ile a botsa mosali enoa hore na a ka rata ho phela har’a batho ba ratanang e le kannete. Lesole lena la lumela, empa le ne le e-na le maikutlo a hore ke ’muso o matla feela o nang le sesole se atlehileng o ka tlisang khotso ea ’nete.
Eaba moromuoa enoa o hlalosa hore le hoja eena le metsoalle ea hae ea Lipaki e se ba morabe o le mong, ba kopantsoe ke ho lumela ho Molimo le ho mo rata. Ka mor’a puisano e thabisang, ba ile ba lokisetsa ho kopana letsatsing le latelang e le hore ba ka buisana hape ka litaba tsena. Lesole lena la boloka nako ’me la thabela thuto ea lona ea Bibele ka lekhetlo la pele. Ka mor’a moo, la qala ho ba teng libokeng tsohle. Takatso ea lona ea lintho tsa moea ea hōla, ’me ha matsatsi a lona a phomolo a ella ho feleng, le ne le khanneloa thuto letsatsi le leng le le leng. Eaba ka mor’a ho ba teng kopanong le ho etela ofising ea lekala ea sebakeng seo, le khutlela Fora, moo le ntseng le hatela pele moeeng.
Jeannie ke mohoeletsi ea sa ntseng a le mocha oa Papua New Guinea. O atisa ho ea sekolong a nkile buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang. Ka letsatsi le leng mosuoe oa hae oa Senyesemane o ile a kōpa hore bohle sehlopheng ba lokisetse puo e khutšoanyane sehloohong seo ba se ratang. Jeannie o ile a khetha ho bua ka lithethefatsi le tahi, a thehile kemiso ea hae karolong ea 8 ea buka ea Bacha Baa Botsa. Puo ena e ile ea khahla mosuoe oa hae hoo a ileng a mo bolella hore haeba a rata a ka “tsoela pele ho bua ho fihlela nako ea tlelase e fela.” Jeannie a etsa joalo. Eaba mosuoe oa hae o mo botsa hore na a ka rata ho fana ka puo eo sehlopheng sa leshome letsatsing le latelang. Jeannie a amohela memo ena. Ka mor’a ho fana ka puo eo, mosuoe oa hae oa Senyesemane o ile a mo bolella hore haeba ho ka lokisetsoa seboka sa sekolo moo bana ba tla fana ka lipuo, o tla leka ho mo kenyelletsa lenaneong. Ka lebaka la lipuo tsa hae tse peli, Jeannie o ile a tsamaisa libuka tse 64 tsa Bacha Baa Botsa. Ho phaella moo, banana ba babeli ba ile ba kōpa bukana ea Seo a se Hlokang, ’me Jeannie a qalisa thuto ea Bibele le bona.
Ka lebaka la lintoa tsa merabe Lihlekehlekeng Tsa Solomon, barab’abo rōna ba bangata ha ba sa na mahae ’me ba hula ka thata licheleteng. Lelapa le leng leo ntlo ea lona e sentsoeng le ile la etsa qeto ea ho kopanela tšimong e sa abuoang, le hoja le ne le tla sebelisa chelete eohle eo le nang le eona. Le ile la ithaopela ho sebelisa seketsoana sa lona ’me la thabela seo hamorao le ileng la re ke phihlelo e molemohali mosebetsing oa ho paka. Le se le ntse le lokisetsa ho khutlela ho batho ba thahasellang. Empa le tla khona joang licheleteng? Ho sa le joalo, libeke tse ka bang peli ka mor’a hore le khutle tšimong e sebetsoang seoelo, monna e mong oa morui o ile a le atamela ’me a kōpa ho reka setša seo le balehileng ho sona nakong ea lintoa.
Sehlekehlekeng sa Santo se Vanuatu, kopano ea setereke e ne e atisa ho tšoareloa Holong ea ’Muso ea sebakeng seo. Leha ho le joalo, ka 2001, bahoeletsi ba ne ba se ba le bangata hoo ba neng ba sa felle ka holong ena. Kahoo barab’abo rōna ba hira lebala la lipapali le lenyenyane, leo ho fihlela ka nako eo, le neng le sebelisoa feela bakeng sa lipapali. Kaha mookameli o ne a nahana hore ba tlileng kopanong ba ka ’na ba senya sebaka sena, o ile a ba lefisa haholo, le hoja barab’abo rōna ba ile ba mo kholisa hore ba tla hloekisa lebala lena la lipapali pele le ka mor’a kopano.
Kaha mookameli enoa o na le lebenkele sebakeng sena, o ile a bona Lipaki li reka thepa ea ho hloekisa le ho lokisa lebala la lipapali. O ile a thahasella ho ea bona se etsahalang. Ha a fihla lebaleng la lipapali, a bona baithaopi ba 100 ba koropa, ba fiela, ba penta ba bile ba lokisa matloana. O ile a tsamaea a hloletsoe. Kapele ka mor’a moo, hohle motseng ho ne ho buuoa ka lebala la lipapali le hloekisitsoeng le le lokisitsoeng. Ha barab’abo rōna ba il’o lefa chelete ea ho sebelisa sebaka ka mor’a kopano, ba ile ba fumana maikutlo a mookameli a fetohile ka ho feletseng. O ile a ba fa theolelo ea karolo ea 80 lekholong ’me a bolela hore nakong e tlang, Lipaki Tsa Jehova li ka ’na tsa sebelisa lebala leo la lipapali ntle ho tefo! Bahoeletsi ba 300 ba ile ba thaba hore ebe ho bile le ba 832 kopanong ’me ha kolobetsoa ba 13.
◼ ASIA LE BOCHABELA BO HARE
Palo ea linaha: 47
Palo ea baahi: 3 869 881 970
Palo ea bahoeletsi: 561 276
Palo ea lithuto tsa Bibele: 390 151
Lekala la India le thabela ho tlaleha hore ho fanoe ka bopaki bo botle ka har’a naha ka video e phatlalalitsoeng thelevisheneng. Seteishene se seng sa TV se ile sa utloela ka video eo ea The Bible—Its Power in Your Life, e hlahisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. Ka mor’a moo, seteishene seo se ile sa ngolla ntlo-khōlō ea lefatše ka bophara e New York se kōpa tumello ea ho phatlalatsa video eo lenaneong la Home Shanti (Khotso ea Lelapa). Se ile sa fuoa tumello, ’me lekala la India le bolela hore video eo e ile ea “phatlalatsoa malapeng ’ohle ka har’a naha” mathoasong a 2002.
Iseraele, morali’abo rōna e mong o ile a feta banyalani ba bang ba litholo, Benny le Sharon, seterateng. Ho e-na le hore a palame bese e eang hae, o ile a ema ’me a pakela banyalani bana, eaba ba mo memela hore a ee ha bona. Tabatabelo eo Benny a bileng le eona qalong e ile ea fetoha thahasello ea sebele molaetseng oa ’Muso, ’me kapele-pele a qala ho ba teng libokeng tsa phutheho. Ntle le hore ke setholo ka ho feletseng, hape ha a bone hantle. Kahoo, o ne a thatafalloa ke ho ea libokeng le ho utloisisa se boleloang ke motho ea tolokang puo ea matsoho. O ile a etsa boiteko, ’me ka nako e tšoanang a tsoela pele ho etsa hore bophelo le botho ba hae bo lumellane le melao-motheo ea Bibele.
Ha ho nahanoa ka mefokolo eohle ea Benny, tsoelo-pele ea hae e bile e hlollang. O fana ka litlhaloso libokeng, o fana ka lipuo tse phelang Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo—le hoja a fana ka tsona a sebelisa toloko—’me e sa tsoa ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang. Mosali oa hae, Sharon, eo le eena a bonang ka thata ’me a sa utloe hantle, o qalile ho ithuta hamorao empa o tsoela pele hantle. Ka ho utloahalang, Benny le Sharon ba ntse ba arolelana tumelo ea bona e ncha le batho ba bang ba sa boneng le ba sa utloeng hantle joaloka bona.
Japane, morali’abo rōna e mong ea bitsoang Fukue o talima batho bao a kopanang le bona ka lebaka la bana ba hae ba bararo e le tšimo e khethehileng. Tšimo ea hae e akarelletsa baahelani le batsoali bao a kopanang le bona kerecheng, sekolong le libokeng tsa sekolo tsa batsoali. Neng kapa neng ha a itsebisa, o hlalosa ka mokhoa o bonolo empa e le o tsoang pelong hore Bibele e mo thusa haholo ha a hōlisa bana ba hae. A ntan’o fetela tabeng e ’ngoe ka bohlale. Empa ha a se a qalisitse moqoqo, o fumana ho le bonolo ho kenyelletsa Bibele lipuisanong tse latelang. Na mokhoa oo Fukue a o sebelisang oa atleha? E, ho fihlela joale o se a thusitse batho ba 12 hore ba kolobetsoe, ’me hona joale ba bahlano ho bona ke bo-pula-maliboho. Fukue o ikitlaelletsa ho fana ka bopaki bo sa reroang hobane ke kamoo le eena a ithutileng ’nete kateng.
Motseng o mong o monyenyane oa Kazakhstan, mosali e mong o ne a e-na le ngoana ea kulang eo hamorao a ileng a hlokahala. Eaba le ngoana oa hae oa bobeli oa hlokahala, kapele ka mor’a hore a hlahe. Mosali eo o ile a qetella a le sepetlele ka lebaka la ho kula ’meleng le ho tepella maikutlo. Ha a ntse a robetse betheng bosiung bo bong, o ile a utloa mooki a ntse a hoeshetsa. Ha a mamelisisa, a utloa hore mooki, eo e leng e mong oa Lipaki Tsa Jehova, o ne a mo rapella, a bile a mo bolela ka lebitso. Hoseng ho latelang, mooki eo o ile a khothatsa mosali eo ka tšepo ea tsoho. Kapele ka mor’a moo, mosali eo a lokolloa sepetlele.
Ka letsatsi le leng ka mor’a lilemo tse hlano, mosali enoa o ile a utloa beng ka eena ba bua le motho e mong ka lintho tse tšoanang le tseo mooki eane a neng a li buile sepetlele. A kholisehile hore ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, o ile a itsebisa, ’me ha lokisetsoa thuto ea Bibele. A ikemiselitse hore ho se ke ha feta lilemo tse ling tse hlano, o ile a ithuta ka khothalo ’me a tsoela pele hantle moeeng. Ka mor’a nakoana, a nehela bophelo ba hae ho Jehova ’me a kolobetsoa. Ak’u nahane hore na o ile a thaba hakaakang kopanong ea hae ea pele, ha a kopana le mooki ea ileng a mo tšelisa lilemong tse hlano tse fetileng! A tletse meokho, o ile a re: “Hoja e ne e se ka thapelo ea hao ea sephiring sepetleleng sane mohlomong nka be ke sa ka ka amohela ’nete. E ile ea nkama pelo haholo.”
Morali’abo rōna e mong ea sebetsang le basali ba bang ba 20 bankeng e ’ngoe Taiwan o ile a etsa qeto ea ho sebelisa mokhoa o mocha oa ho leka ho tsosa thahasello ea basebetsi-’moho le eena Lentsoeng la Molimo. Ka nako e ’ngoe ea khefu ea motšehare, o ile a ngola memo e ba memelang “hore ba be teng puisanong e sa lefelloeng ea Bibele e tla nka metsotso e ka bang 30-45 ka beke nakong ea lijo tsa motšehare.” O ile a re puisano ena “e tla le thusa ho fumana tsebo ea motheo ea Bibele.” O ile a tekena memo eo ’me a siea kopi deskeng e ’ngoe le e ’ngoe ka ofising. Thapameng eona eo, batho ba bane ba ile ba amohela memo ea hae.
Thailand, monna e mong ea bitsoang Arun o ile a thahasella Lipaki Tsa Jehova ka lebaka la motsoalle oa hae mosebetsing. Arun oa hlalosa: “Ke ile ka hlokomela hore ho tloha ha mosebetsi-’moho le ’na a qala ho kopanela le Lipaki, o ile a etsa liphetoho tse ntle bophelong ba hae, ’me ke ne ke batla ho etsa se tšoanang.” Arun o ne a becha ’me a sebelisa lithethefatsi. Le hoja a ne a lekile ho tlohela mekhoa ena e mebe, o ne a hlōlehile. O ne a nyetse ’me ka nako e ’ngoe a nahana hore ho ba le ngoana ho tla etsa hore a be le boikarabelo. Empa ka mor’a hore moralinyana oa bona a hlahe, ha hoa ka ha fetoha letho. Arun o itse: “Qetellong mosali oa ka ha aa ka a khona ho mamella, ’me a ntlohela, a siea morali oa rōna tlhokomelong ea ngoan’abo ’m’ae.”
Nakong ena e sithabetsang bophelong ba Arun, mosebetsi-’moho le eena o ile a mo memela Holong ea ’Muso. Arun o ile a ea, ’me le hoja a sa utloisisa sohle se builoeng sethaleng, o ile a thabela botsoalle bo mofuthu. Ka mor’a moo, o ile a ba teng libokeng kamehla, a amohela ho ithuta Bibele ’me a qala ho sebelisa seo a ithutang sona. A labalabela ho tsosolosa lenyalo la hae, o ile a atamela mosali oa hae ka taba ena, empa mosali oa hae o ne a sa lumele hore ka sebele o fetohile. Arun o re: “Ke ile ka mo pakela ’me ka mo memela hore a kopane le metsoalle ea ka e mecha, empa o ile a hana, a re ke thetsitsoe. Leha ho le joalo, ke ile ka tsoela pele ho mo etela le ho mo khothatsa. Ka mor’a likhoeli tse ka bang hlano, o ile a kokobela ’me a tla le ’na sebokeng. Kapele ka mor’a moo, le eena o ile a amohela thuto ea Bibele.”
Hona joale Arun, mosali oa hae le moralinyana oa bona ba phela hammoho joaloka lelapa le kopaneng le le thabileng. Arun le mosali oa hae ba kolobelitsoe ka 2001 kopanong ea setereke e neng e tšoaretsoe Bangkok. Ho phaella moo, moen’a Arun, eo le eena a neng a phela bophelo bo hlephileng, le eena o arabetse hamolemo litabeng tse molemo ’me hona joale ke mohoeletsi ea sa kolobetsoang.
◼ EUROPE
Palo ea linaha: 45
Palo ea baahi: 727 550 200
Palo ea bahoeletsi: 1 456 309
Palo ea lithuto tsa Bibele: 647 279
Ka lebaka la lefu leo a le futsitseng, Eva ea lilemo li 25, ea lulang Tiranë, Albania, o bolelele ba lisenthimithara tse 113. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe liphephetso tsa hae, o thabela ho ba pula-maliboho ea thusang, le hoja batho ba bang ba mo tšeha ka lebaka la bokhutšoanyane ba hae. Ho e-na le hore a halefe, Eva o tšoara motho e mong le e mong ka tlhompho ’me o lula a bososela, ’me batho ba nahanelang ba hlokomela sena. Motho e mong ea joalo ke mosali e mong eo morali oa hae ea lilemo li 26 a neng a tepeletse maikutlo. Mosali eo o ne a ’nile a isa morali oa hae sepetlele le mekhatlong e sa tšoaneng ea bolumeli, a tšepa hore o tla phekoloa. Eaba ka letsatsi le leng o bona kamoo Eva a thabileng kateng ’me o etsa qeto ea ho mo etela. Ha Eva a bula monyako, mosali eo a kōpa hore a ithute Bibele le morali oa hae. Joalokaha ho ka lebelloa, Eva o ile a lumela. Ka mor’a nako e khutšoanyane, bophelo ba morali bo ile ba qala ho ntlafala—hoo ’m’ae a ileng a kōpa ho kopanela thutong. Hona joale Eva o tla le ’mè eo le morali oa hae kamehla libokeng, ’me ba tsoela pele hantle moeeng.
Mocha e mong ea bitsoang Benjamin o hōletse lelapeng la Bokreste Belgium. Leha ho le joalo, ha Benjamin a kena lilemong tsa bocha o ile a qala ho phela bophelo ba boikaketsi. Le hoja a ne a etsa eka o phela ka melao-motheo ea Bibele, o ile a ikopanya le sehlopha sa bacha ba tahoang, ba sebelisang lithethefatsi le koae. Benjamin o ne a boetse a mamela ’mino o hlephisang boitšoaro. Ka mor’a nako e khutšoanyane, o ile a qala ho hlaseloa ke bademona le ho ilibanngoa ke lino-tahi—empa, o ile a tsoela pele ho sebelisa lithethefatsi. O ile a qala ho se itsotelle ’me a kula haholo. Nakong ena e sithabetsang bophelong, o ile a hlokomela hore batho bao a neng a re ke metsoalle ea hae ha ba mo tsotelle ho hang! Eaba ke hona Benjamin a qalang ho hlahlobisisa bophelo ba hae le hore na o habile hokae. O ile a etsa qeto e bohlale ea ho khutlela bathong ba tlang ho mo bontša lerato la ’nete, e leng lelapa labo le Jehova.
Leha ho le joalo, ho tloha qalong feela, Benjamin o ile a tobana le liteko tse lekang boikemisetso ba hae. Bademona ba ile ba mo hlasela ka matla ’me kharebe ea hae ea mo kōpa hore a se ke a kopanela le Lipaki. E ile ea ba ea kōpa hore baruti ba K’hatholike le bakoenehi ba mo fetole maikutlo. Empa ka thuso e lerato le e mamellang ea batsoali ba hae le baholo ba phutheho, Benjamin o ile a qala ho haha tumelo e phelang ho Jehova, a hlokomela hore kannete molao oa Molimo “o phethahetse, o hlasimolla moea.” (Pes. 19:7) Ka lebaka leo, o ile a qetella a furaletse bophelo ba hae ba nakong e fetileng. Bophelo ba Benjamin bo ile ba ntlafala, ’me o fumane thabo ea ’nete.
Ha ba ntse ba paka seterateng, banyalani ba bang ba tsoang phuthehong ea Sefora Brithani ba ile ba bua le basali ba bang ba babeli ba tsoang Zimbabwe. Lipaki tsena li ile tsa bolela hore li khannela batho lithuto tsa lehae tsa Bibele tse sa lefelloeng ’me tsa botsa basali bao hore na ba bua Sefora. Ba ile ba re ha ba bue Sefora empa ba bolela hore ba lakatsa ho ithuta Lentsoe la Molimo. Ba ile ba qala ho ba teng Thutong ea Buka ea Phutheho. Ha thuto ea bona ea pele ea buka e fela, mor’abo rōna e mong o ile a ba bontša phihlelo ea Nathan Muchinguri oa Zimbabwe, e boletsoeng leqepheng la 20 la Buka ea Selemo ea 2002. Ba ile ba makala ha ba bona setšoantšo sa Mora le Morali oabo rōna Muchinguri se leqepheng la 21. E ne e le setšoantšo sa ntate-moholo le nkhono oa bona! Basali bana ba ile ba bolela hore ha ba sa le Zimbabwe, ba ne ba lula hōle le litho tse ling tsa lelapa labo bona ’me e ne e se e le khale ba li qetetse. Joalokaha ho ka lebelloa, ba ile ba kōpa kopi eo ea Buka ea Selemo. Hona joale basali bao ka bobeli ba ithuta kamehla, ba matlafalitsoe ke mohlala o tšepahalang oa ntate-moholo le nkhono oa bona.
Ha ba ntse ba paka tšimong e ka thōko Czech Republic, baralib’abo rōna ba babeli ba ile ba kopana le mosali ea nang le moea oa ho amohela baeti ea ileng a re ba kene ka tlung. Leha ho le joalo, o ne a e-na le maikutlo a tiileng litabeng tse itseng tsa Bibele, tse kang hore na ho ba le “limpho tsa moea” ho bolela’ng. (1 Bakor. 14:12) Ho feta moo, o ile a hana ho bala Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang, a khetha ho sebelisa phetolelo ea hae ea Mokhatlo oa Likereke. Ka mor’a puisano e nkileng hora eo ho neng ho bonahala e se na litholoana, baralib’abo rōna ba ile ba potlakela tereneng. Ba ile ba thabela hore ebe ba tsoile puisanong eo e boima. Leha ho le joalo, e mong oa baralib’abo rōna o ile a hlokomela hore o siile Bibele le lintlha tsa hae tse ngotsoeng ntlong ea mosali eo, e leng se ileng sa hloka hore ba khutlele moo. Ba ile ba makala hakaakang ha ba fihla moo! Mosali eo o ile a re o inketse molao matsohong ka ho hlahloba Bibele ea morali eo oabo rōna ’me a khahloa ke phetolelo ea eona ea boleng bo phahameng, litšupiso tse bontšang litemana tse amanang, le k’honk’hodense. Eaba oa botsa hore na a ka fumana Phetolelo ea Lefatše le Lecha. Ho phaella moo, o ile a amohela thuto ea Bibele. Ho tloha ka nako eo, ’mè oa hae le eena o se a kopanela thutong.
Morali’abo rōna e mong oa Reykjavík, Iceland, o sebetsa Mokhatlong o Etsang Lipatlisiso ka Liphoofolo Tsa Leoatle o tsamaisang lenaneo la ho koetlisa batšoasi ba litlhapi. Morao tjena, batho ba 14 ba tsoang linaheng tse tsoelang pele moruong ba ile ba kenela thupelo ea likhoeli tse tšeletseng. Morali’abo rōna o ile a fa e mong le e mong oa liithuti kopi ea buka ea Is There a Creator Who Cares About You? O ne a e-na le likopi tsa Sechaena, Senyesemane, Sepanishe, Sepotoketsi le Sevietnam. Liithuti tsohle tse 14 li ile tsa amohela libuka tseo. Monna le mosali e mong ba tsoang Vietnam ba ile ba thaba ha ba bona buka e ngotsoeng ka puo ea bona. Monna eo o ile a re: “Ke mohlolo! Ke maketse haholo. U e fumane hokae?” E mong ea tsoang Uganda o ne a se a tseba buka eo ’me a e khothalletsa ba bang. Mosali e mong oa Cuba o ile a re o batla kopi hobane morali oa hae ea lilemo li 13 o se a qalile ho botsa lipotso tse thata ka bophelo.
Pele liithuti tseo li khutlela linaheng tsa habo tsona, morali’abo rōna o ile a li tsebisa hore o li behetse lingoliloeng (libuka tse 10 tsa Tsebo, limakasine tse 30 le libukana tse 10) holim’a tafole e ka tlelaseng e le hore li ka li bala ka sefofaneng ha li khutlela hae. Joalokaha ho ka lebelloa, ntho ea pele eo a ileng a e etsa Mantaha hoseng ka mor’a hore li tsamaee ke ho ea tafoleng eo. O re: “Ke ne ke lebeletse ho fumana libuka tsa Tsebo le limakasine tse setseng, empa ho ne ho se na letho tafoleng!”
Mohlankana e mong oa Latvia, eo re tla re ke Arthur, o ne a sa thahaselle Molimo. Leha ho le joalo, o ne a sa lumele hore batho ba tsoa ho litšoene. Ka 1996, Arthur o ile a kena khathatsong ’me a koalloa teronkong. Ha a le moo o ile a qala ho nahana ka ho teba ka bophelo. Ha batsoali ba hae ba mo etetse, ba ile ba mo khothalletsa ho bala Bibele, ba nahana hore e ka mo thusa. Eaba ka letsatsi le leng ka 1998 ha Arthur a ntse a ngola lengolo, motšoaruoa e mong o mo fa buka hore a ngolle holim’a eona. Buka eo e ne e le ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Arthur o ile a e phetla ka thahasello, ea mo hapa maikutlo ’me a e bala kaofela ka matsatsi a mararo. Motšoaruoa e mong o ne a e-na le buka ea Tsebo ka seleng ea hae. Ha a bona hore Arthur o thahasella Bibele, o ile a mo fa buka eo. A boela a mo fa le aterese ea Paki e ’ngoe eo a e tsebang.
Arthur o ile a ngolla Paki eo ’me a qala ho ithuta Bibele ka ngollano. Ha a lokolloa teronkong ka April 2000, kapele-pele o ile a qala ho ba teng libokeng tsa phutheho. Empa ho thoe’ng ka batsoali ba hae ba neng ba mo khothalelitse ho bala Bibele? Joalokaha ho ka lebelloa, Arthur o ile a ba bolella boitsebiso bo mabapi le tumelo ea hae e ncha. Phello ea e-ba efe? Le bona ba ile ba qala ho ithuta Lentsoe la Molimo. Nahana hore na ba ile ba thaba hakaakang ha ba kolobetsoa ba le bararo letsatsing le tšoanang la kopano e khethehileng ka March 2002!
Ha e sa le mohlankana, ngaka e ’ngoe ea masapo ea Spain e ile ea ithutela ho ba moruti seminaring ea bolumeli. Ka lebaka la ho ferekana, ka mor’a lilemo tse tharo e ile ea tsamaea e sa lumele hore Molimo o teng. Le hoja e ne e sa rate Lipaki Tsa Jehova, e ne e labalabela ho tseba hore na ho tla joang hore batho ba “tlaase” hakana ba be le tsebo e hlakileng ea Mangolo, empa eena, a qetile lilemo seminaring, a tseba ho honyenyane. Thahasello ea hae ho Lipaki e ile ea eketseha ha basebetsi ba bang ba sepetlele ba mo tšoara hampe. Sena se ile sa mo hopotsa tsela eo Lipaki li tšoaroang ka eona ka linako tse ling. Ka mor’a phihlelo eo, ngaka eo e ile ea amohela thuto ea lehae e sa lefelloeng ea Bibele. Ka mor’a nako e khutšoanyane, ea khahloa ke seo e ithutang sona hoo e ileng ea ithuta ka makhetlo a mararo ka beke! E ile ea boela ea qala ho ba teng libokeng tsohle tsa phutheho ’me ea ngolisa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. E sa tsoa kolobetsoa haufinyane.
◼ AFRIKA
Palo ea linaha: 56
Palo ea baahi: 739 543 571
Palo ea bahoeletsi: 915 262
Palo ea lithuto tsa Bibele: 1 550 572
Benin, kaho ea Liholo Tsa ’Muso e susumelletsa barab’abo rōna ho ba le cheseho ’me sena se fana ka bopaki bo botle. Ha ho neheloa Holo e ’ngoe ea ’Muso, motho e mong ea hlaheletseng motseng o ile a re ho e mong oa Lipaki Tsa Jehova: “Kereke ea lōna ke sebaka se setle ka ho fetisisa sa borapeli mona ’me e tla lula e le joalo. Ke hobane’ng ha ke rialo, ke le Mok’hatholike oa popota? Morao tjena, kereke ea rōna e K’hatholike e ile ea fuoa li-CFA tse 17 000 000 [$23 000, U.S.] hore e phethe kaho ea kereke ea rōna, e qalileng ho hahoa ka bo-1950. Empa baruti ba ile ba ja chelete eo. Kereke e ’ngoe e K’hatholike karolong e ’ngoe ea motse e ne e bolokile li-CFA tse 3 000 000 [$4 000, U.S.] e le hore e ka haha kereke sebakeng seo, empa le tsona tsa ‘nyamela.’ Ke ka lebaka leo ke reng mohaho ona ke sebaka se setle ka ho fetisisa motseng ona ’me o tla lula o le joalo.”
Linaheng tse ling lerato la lithatho le thatafalletsa batho ba bacha ho emela ’nete ea Bibele. Nahana ka mohlala oa lelapa le leng la Côte d’Ivoire le neng le etsa tšebeletso ea lithatho letsatsi le leng le le leng. Ha e mong oa barali a emela ’nete ea Bibele ’me a hana ho kopanela borapeling ba bohata, lelapa le ne le tšohile hore o tla oeloa ke bomalimabe. Ho sa tsotellehe seo, morali eo o ile a ema a tiile, e leng se ileng sa fella ka hore a hanyetsoe ’me a lelekoe lapeng. Leha ho le joalo, ha aa ka a jara lelapa labo ka pelo empa a tsoela pele a le etela.
Phello e bile hore nkhono oa hae a qale ho thahasella Bibele, a ba a kōpa setloholo sa hae hore se khutlele hae, e leng seo morali eo a ileng a se etsa. Nkhono eo o ile a tsoela pele moeeng ’me a kolobetsoa a le lilemo li 62. A khahliloe ke seo nkhono a ithutileng sona, ’mè oa ngoanana eo o ile a qala ho ithuta Lentsoe la Molimo ’me hona joale le eena o pakela ba bang. E, meloko e meraro e lokolotsoe borapeling ba bohata, kahobane ngoanana eo o ile a tšepahala ho Jehova ’me a se ke a khaotsa ho rata lelapa labo.
Mozambique, barab’abo rōna ba etela literonkong kamehla ka morero oa ho khannela batšoaruoa lithuto tsa Bibele. Ka 2001 batšoaruoa ba ile ba baleha ho e ’ngoe ea literonko tsena. Leha ho le joalo, batšoaruoa ba neng ba e-ba teng lihlopheng tsa ho ithuta ba ile ba hana ho baleha. Ba boholong ba ile ba hlokomela sena ’me ba babatsa Lipaki Tsa Jehova ka mosebetsi oa tsona. Hona joale ba boholong ba khothalletsa batšoaruoa bohle hore ba ithute le barab’abo rōna. Ka lebaka la boitšoaro ba bona bo botle, batšoaruoa ba babeli ba se ba fokolelitsoe nako eo ba e ahloletsoeng. E mong oa bona o lebeletse ho kolobetsoa kopanong ea setereke e latelang.
Judith ea lilemo li 27, ea lulang Namibia, o ile a hlaheloa ke kotsi ea koloi e ileng ea mo holofatsa ho tloha molaleng ho ea tlaase. O ne a batla ho ipolaea, a ipotsa: ‘Ke hobane’ng ha ke hlahetsoe ke ntho e tjee?’ Batho ba tsoang likerekeng tse sa tšoaneng ba ile ba mo etela le ho mo rapella hore a khone ho tsamaea hape. Ha lithapelo tsa bona li sa arabeloe, ba ile ba bolella Judith hore e tlameha ebe Molimo o mo ahlola ka lebaka le itseng. Sena se ile sa etsa hore Judith a nahane haholoanyane ka ho ipolaea. Empa pele o ne a batla ho tseba hore na ke hobane’ng ha Molimo a mo ahlola. Kahoo ka letsatsi le leng a kōpa hore ’mè oa hae a memele moruti oa kereke e ’ngoe ea sebakeng seo lapeng. Ha Judith a ntse a emetse hore moruti a fihle, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa fihla. Judith a amohela thuto ea lehae ea Bibele bukeng ea Tsebo, ka tšepo ea hore Bibele e ka araba lipotso tse mo tšoenyang. Ha a ithuta khaolo ea 8, e reng “Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Mahlomola?,” o ile a ithuta hore kotsi e mo hlahetseng ha ea bakoa ke Molimo. A re: “Ak’u nahane hore na ke ile ka imoloha le ho thaba hakaakang ha ke ithuta hore hase Jehova ea bakang lintho tse mpe!” Judith o ile a tsoela pele ho ithuta, a nehela bophelo ba hae ho Jehova ’me hona joale o lebeletse tsamaiso e ncha, eo ho eona a tla boela a phele hantle ’meleng.
Nakong ea polao e reretsoeng ho felisa morabe o mong oa Rwanda ka 1994, mosetsana e mong ea bitsoang Chantal o ile a balehela naheng ea boahelani ea Burundi. Ha a le moo o ile a fumana buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ’me a e bala kaofela. Ha a khutlela Rwanda, ha aa ka a khona ho fumana Lipaki hobane lelapa labo le ne le lula sebakeng se ka thōko. Leha ho le joalo, ’mè oa hae o ile a kopana le bahoeletsi ba ’Muso ba babeli ba neng ba ntse ba paka ’marakeng. E le hore ba ka kopana le Chantal, ba ile ba ngola matsatsi ao ba rerileng ho tla ’marakeng ka ’ona pampiring ’me ba e fa ’mè oa Chantal. Ka le leng la matsatsi a bontšitsoeng, Chantal o ile a lula keiting ea ’maraka, a phahamisitse pampiri eo hore bohle ba fetang ba e bone. O ile a thaba hakaakang ha barab’abo rōna ba mo bona ’me ba itsebisa eena! Ha ba bona thahasello ea hae ea sebele, ba ile ba mo memela Sehopotsong se atamelang, ’me a ba teng ho sona—le hoja ho ne ho hlokahala hore a tsamaee matsatsi a mabeli hore a fihle moo seboka se tšoareloang teng!
Ho tloha ka nako eo Chantal o ile a ea libokeng kamehla, ho sa tsotellehe bohōle ba sebaka. Ka masoabi, lelapa labo le ile la mo fetohela. Ka lekhetlo le leng e mong oa baholoane ba hae a ba a mo lelekela ka ntle ka thipa e khōlō! Empa Chantal a ema a tiile. Ka mor’a selemo, liboka li ne li se li tšoareloa haufi le habo, le hoja ho ne ho ntse ho hlokahala hore a tsamaee lihora tse robeli ho ea fihla teng. Leha ho le joalo, joale Chantal o ile a qala ho khanneloa thuto ea Bibele. Ka mor’a nako e khutšoanyane, o ile a nehela bophelo ba hae ho Jehova, ’me hona joale ke pula-maliboho oa kamehla. Ho thoe’ng ka litho tsa lelapa labo? Li ile tsa fetoha ka ho feletseng. Abuti oa hae ea ileng a mo lelekela ka ntle e se e le pula-maliboho oa kamehla, moen’ae o sa tsoa kolobetsoa ’me ’mè oa hae ke mohoeletsi ea sa kolobetsoang. Ho feta moo, ho thehiloe sehlopha se ka thōko motseng oa habo bona, kahoo hona joale lelapa le tsamaea metsotso e mehlano feela ho ea libokeng.
Thembisile ke morali’abo rōna ea chesehang ea lulang haufi le kampo ea morena, kapa motse, Swaziland. O ne a batla ho pakela batho ba lulang kampong eo, empa phephetso ea e-ba hore e sirelelitsoe ka thata. Ka mor’a ho rapella taba eo, o ile a iteta sebete ’me a ea kampong eo. O ile a pakela balebeli, ’me e mong a amohela bukana ea U ka ba Motsoalle oa Molimo! Ka mor’a ho mo hloma lipotso le ho mo phenya-phenya, ba mo lumella ho kena—’me a thaba haholo. Ntho e ileng ea makatsa Thembisile le ho feta ke hore batho ba lulang moo ba ne ba le botsoalle. Hona joale o sebetsa tšimo eo kamehla ’me o qalisitse lithuto tse tharo tsa Bibele. Ho feta moo, hona joale mapolesa a mo amohela ka mofuthu. Ha e le hantle, ka letsatsi le leng molebeli o ile a re ho eena: “Lokoloha, ’Mè; ikenele feela. U etsa mosebetsi o motle haholo mona.”
◼ LINAHA TSA AMERIKA
Palo ea linaha: 56
Palo ea baahi: 807 517 534
Palo ea bahoeletsi: 3 023 062
Palo ea lithuto tsa Bibele: 2 676 288
Motsaneng o mong oa Argentina, bo-pula-maliboho ba babeli ba khethehileng ba ile ba bona banyalani ba sututsang koloeana e palamisitseng ntja e lemetseng. Bo-pula-maliboho bao ba ile ba ithaopela ho ba palamisa hammoho le ntja ho ea ngakeng ea liphoofolo. Banyalani bao ba ile ba lumela ba thabile, haholo-holo hobane ha ho le ea mong oa baahelani ba bona ea neng a ithaopetse ho ba thusa. Bo-pula-maliboho bao ba ile ba hlokomela hore monna eo ke mokatekista oa K’hatholike ’me eena le mosali oa hae ba kopanela mekolokong eohle ea sebakeng seo e etsoang ka morero oa ho hlompha bahalaleli. Empa, le hoja e le litho tsa popota tsa Kereke e K’hatholike ha baa ka ba hana ho amohela limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ka mor’a ho etela banyalani bana ka lilemo tse ka bang peli, bo-pula-maliboho bao ba ile ba ba memela Sehopotsong. Bosiung boo ho ile ha na pula ea litloebelele, empa banyalani bao ba ile ba tla ’me ba khahloa ke kamohelo e mofuthu eo ba e fumaneng. Ho feta moo, ba ile ba re ba qala ho utloisisa se boleloang ke Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena. Hona joale ba khanneloa thuto ea Bibele kamehla ’me ba ba teng libokeng tsohle, ba sa tšoenyehe ka hore na baahelani ba bona ba Mak’hatholike ba tla re’ng.
Ha morali’abo rōna e mong oa pula-maliboho le Paki e ’ngoe ba ntse ba tsamaea seterateng Barbados, ba ile ba feta mosali e mong ea emeng monyako oa ntlo ea hae. Ba qala ho mo pakela empa ba makala ha a bua joalokaha eka o lebeletse motho, a re: “Ke kōpa le kene. Ke tla lata le Bibele ea ka.” Baralib’abo rōna ba ile ba kena, ba lula fatše le mong’a ntlo, ’me ba mo bontša hore na thuto e tšoaroa joang, ba hlahloba thuto ea 1 bukaneng ea Seo a se Hlokang. Ka mor’a moo, mosali eo o ile a botsa hore na morali’abo rōna oa pula-maliboho ke eena ea letsitseng hoseng hoo ’me a botsa mosali eo hore na a ka thabela thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng e tla tšoaroa hoseng hona hoo. Pula-maliboho eo a hlalosa: “Ke ile ka mo bolella hore hase ’na. Kahoo motho eo ebang o letsitse ho bonahala a sa ka a tla. Empa re ile ra thabela hore ebe re fihlile hantle feela ka 11:30 hoseng, nakong eo thuto e neng e lokela ho tšoaroa ka eona.” Mosali enoa o tsoela pele hantle ’me o se a ntse a e-ba teng libokeng.
Limmaraka tse sebakeng se bulehileng e ka ba tšimo e behang litholoana eo ho ka pakoang ho eona. Moromuoa e mong oa Bolivia o re: “Monna oa ka o ile a tsamaisa pampitšana ho mosali e mong ea rekisetsang lintho sekosekareng ’marakeng oa lihoai. Mosali eo o ne a le botsoalle, kahoo ka khutlela ho eena ’me ka ithaopela ho ithuta Bibele le eena, ke sebelisa bukana ea Seo a se Hlokang. O ile a botsa: ‘Re tla ithutela hona moo?’ Ka re: ‘Ha ho na bothata. Ke se ke tloaetse.’ Kahoo ha ke fihla, o mpha setuloana sa hae ’me re ithutela hona moo haufi le sekosekara sa hae. Ha bareki ba fihla, oa ba thusa ebe re tsoela pele ka thuto.”
Mosali e mong oa Canada o ile a fumana kopi ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ho motsoalle oa hae. O ile a thabela ho e bala ’me a etsa qeto ea hore o batla ho ithuta ho eketsehileng. Kahoo o ile a ea leqepheng la Internet la Lipaki Tsa Jehova (www.watchtower.org) ’me a ngola lengolo a kōpa thuto ea Bibele le buka ea Tsebo. Ha baralib’abo rōna ba babeli ba fihla ’me ba mo fa buka eo, o ile a e mamarela ’me a re o tla be a qetile ho e bala eohle hoseng ho latelang! Mantsiboeeng a latelang o ile a ba teng sebokeng ka lekhetlo la pele ’me kapele-pele a ikutloa a lokolohile ha a le har’a bara le barali babo rōna. O ile a tsoela pele ka potlako moeeng ’me hona joale ke mohoeletsi ea sa kolobetsoang ’me o lebeletse ho kolobetsoa haufinyane.
Colombia, mosali e mong ea bitsoang Sol o ne a holofetse ’me a sa khone ho tsoha liphateng. O ne a hana hore a bonoe ke batho ba bang haese litho tsa lelapa la hae feela. Ka letsatsi le leng moahelani oa hae, e mong oa Lipaki Tsa Jehova, a fa ’mè oa Sol Molula-Qhooa le Tsoha! hore a li fe Sol. Qetellong, Sol o ile a lumela ho bonoa ke moahelani eo, ea ileng a ithaopela ho ithuta Bibele le eena. Sol o ile a lumela, ’me hoo e ka bang ka mor’a selemo, a ba teng Sehopotsong. E ne e le lekhetlo la pele a tsoa ka tlung ka mor’a lilemo tse supileng. Ka mor’a matsatsi a mabeli, o ile a ba teng kopanong ka lekhetlo la pele. Le hoja a sa khone le ho lula, hona joale Sol o kopanela tšebeletsong ea tšimo. Joang? Barab’abo rōna ba tsamaea ka ntlo le ntlo ba ntse ba mo sututsa ka bethe e khethehileng eo ba mo etselitseng eona. Ka lebaka la mohlala oa Sol le khothatso eo a fanang ka eona, hona joale ’mè oa hae o kolobelitsoe ’me banab’abo ba babeli ke bo-pula-maliboho.
Banyalani ba bang ba sa tsoa khethoa hore e be bo-pula-maliboho ba khethehileng Costa Rica ba ile ba etela mosali e mong tšimong ea bona. Ha ba fihla, ba ile ba mo bolella hore ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova ea sebakeng seo e fumane mohala o tsoang ho ngoetsi ea hae, eo e leng Paki e lulang United States, e kōpa hore ofisi ea lekala e romele motho ho ’mè-matsale oa eona. Banyalani bao ba bo-pula-maliboho ba re: “Re ile ra makala ha mosali enoa ea lilemo li 65 a qala ho lla. O ile a re ha a lumele hore re se re fihlile, kaha o ne a sa tsoa bua le ngoetsi ea hae haufinyane, ’me ea mo khothalletsa hore a mamele se buuoang ke Lipaki. O ne a sa lebella hore re ka fihla kapele hakaalo.”
Ho ea ka se boleloang ke bo-pula-maliboho bao, e ne e le lekhetlo la pele mosali eo a batla ho bua le Lipaki. E ne e le Mok’hatholike ea chesehang, ’me ka lilemo tse 12 pele ho moo o ne a entse lipatlisiso tse tebileng ka litumelo tsa K’hatholike e le hore a ka ruta ba bang. Bo-pula-maliboho bao ba ile ba thabela ho araba lipotso tsa hae mabapi le Bibele le Lipaki Tsa Jehova, ’me ka mor’a moo a lumela ho ithuta Bibele. Monna oa hae le morali oa hae le bona ba batla ho ithuta ho eketsehileng ka Lentsoe la Molimo.
Setho se seng sa lelapa la Bethele la Puerto Rico se re: “Ke ile ka lokisetsa ho isetsa molaoli e mong oa ntlo-khōlō ea sepolesa Tsoha! ea July 8, 2002, e nang le sehlooho se reng ‘Ke Hobane’ng ha re Hloka Mapolesa?’ Lihlooho tseo li ile tsa mo khahla haholo ’me a khothalletsa hore ke ise likopi tse ling ho ramotse oa sebakeng seo le liteisheneng tse ling tsa sepolesa sebakeng seo. Ha e le hantle, e mong oa liofisiri o ile a lokisetsa ho nkisa liteisheneng tse ling kaofela ka koloi ea sepolesa. Ho feta moo, ofisiri ena e ile ea ntumella ho isetsa batho ba tlas’a taolo ea eona limakasine nakong e tlang. Ea re: ‘Sena se tla fa mapolesa seo a se hlokang—e leng thuso maikutlong le moeeng.’” Ka khoeli e le ’ngoe, setho sena sa lelapa la Bethele se ile sa etela liteishene tsa sepolesa tse robeli, ’me liofisiri tse ngata tsa kōpa limakasine tse eketsehileng. Ka kakaretso, setho sena sa lelapa la Bethele se ile sa tsamaisa limakasine tse 164 ’me ha e-ba le batho ba bang ba bahlano tselaneng ea sona ea limakasine.
Lihlekehlekeng tsa Trinidad le Tobago, mosali e mong eo e neng e le setho se hlaheletseng sa Kereke ea Nazaretha ka lilemo tse 25 o ile a ea puong ea molebeli oa potoloho ka mor’a ho mengoa ke mosebetsi-’moho le eena. Ha seboka se fela, molebeli oa potoloho o ile a mo atamela ’me a qoqa le eena hamonate. Sena se ile sa mo makatsa hobane kerekeng ea hae, batho ba ne ba rata ho tloaelana ho ea ka morabe oa bona le maemo a bona. Ha e le hantle, kaha e ne e le oa morabe o fapaneng le oa monna oa hae, batho ba kenang kereke le eena ba ne ba mo tšoara hampe. Kahoo se mo etsahaletseng Holong ea ’Muso le khothatso eo a e fumaneng ho molebeli oa potoloho e ile ea mo susumelletsa ho amohela thuto ea Bibele. Pele ho feta likhoeli tse tšeletseng e ile ea e-ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang, a qeta lihora tse 70 ho ea ho tse 100 tšebeletsong khoeli le khoeli. O ile a kolobetsoa Kopanong ea Setereke ea “Baboleli ba ’Muso ba Chesehang” ka 2002 ’me tšepo ea hae ke ho ba pula-maliboho oa kamehla. Hape o ntse a thusa morali oa hae ea lilemo li supileng, ea seng a fana ka lipuo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo.
Uruguay, morekisi e mong ea rekisang lifaha tse nang le lifapano ka ntlo le ntlo o ile a fihla lapeng la Paki. Morali’abo rōna o ile a sebelisa monyetla oo ho mo hlalosetsa ka Bibele hore na ke hobane’ng ha a ke ke a reka thepa ea hae. Morekisi eo ha aa ka a hlompha litlhaloso tsa hae feela empa o ile a bolela hore o thahasella litaba tsa moea. Ha e le hantle, o ile a re o tsamaile likereke tse ngata e le hore a ka fumana likarabo tsa lipotso tsa hae, empa ha hoa thusa letho. Qetellong, o ile a phetha ka hore likereke li thahasella chelete ho feta ho thusa batho moeeng. Pele a tsamaea, morali’abo rōna o ile a mo memela Holong ea ’Muso.
Leo e bile lekhetlo la ho qetela a mo bona ho fihlela ho fetile selemo ’me a fihla ha hae hape. O ile a makala ha a re: “Lekhetlong lena ha ke tl’o rekisa letho, empa ke tlil’o u bolella hore ke se ke ithutile ho fihlela khaolong ea 15 ea buka ea Tsebo.” A hlalosa hore lelapa lohle la hae lea ithuta ’me le ba teng libokeng. Ha a tsamaea, a re: “Re tla u bona kopanong bekeng e tlang.”
[Setšoantšo se leqepheng la 43]
New Zealand
[Setšoantšo se leqepheng la 43]
Tahiti
[Setšoantšo se leqepheng la 43]
Papua New Guinea
[Setšoantšo se leqepheng la 47]
Thailand
[Setšoantšo se leqepheng la 47]
India
[Setšoantšo se leqepheng la 47]
Japane
[Setšoantšo se leqepheng la 51]
Brithani
[Setšoantšo se leqepheng la 51]
Albania
[Setšoantšo se leqepheng la 51]
Spain
[Setšoantšo se leqepheng la 56]
Namibia
[Setšoantšo se leqepheng la 56]
Benin
[Setšoantšo se leqepheng la 56]
Congo (Kinshasa)
[Setšoantšo se leqepheng la 60]
Canada
[Setšoantšo se leqepheng la 60]
Tobago
[Setšoantšo se leqepheng la 60]
Bolivia