Tlaleho ea Lefatše ka Bophara
◼ EUROPE
Palo ea linaha: 46
Palo ea baahi: 728 162 887
Palo ea bahoeletsi: 1 476 554
Palo ea lithuto tsa Bibele: 697 044
Ho ba bang tsela e isang ’neteng ea potoloha. Ka 1951, Steponas o ne a hoehla chankaneng e le motšoaruoa oa lipolotiki kampong e Kazakhstan. O ne a sebetsa moo le Edvardas, mocha e mong ea mafolofolo oa Paki ea tsoang Lithuania ea neng a koaletsoe chankaneng ka lebaka la ho hatisa makasine ea Molula-Qhooa. Edvardas o ile a buisana le eena ka tšepo e thehiloeng Bibeleng eo a nang le eona, ’me Steponas a kholiseha hore o fumane ’nete. Steponas o ile a lokolloa ka 1955. Ha ba arohana, Edvardas o ile a re ho eena: “Mohlomong re tla boela re kopana ka le leng la matsatsi.” Le hoja Steponas a ne a e-s’o kolobetsoe, Komiti ea Tšireletso ea Naha ea Masoviet e ne e lumela hore le eena ke Paki ea Jehova. Mapolesa a ile a phahlolla ntlo ea hae ’me a nka lipampiri tse neng li e-na le liaterese tsa barab’abo rōna. Ka lebaka leo, o ile a lahlehelana le batho ba Molimo.
Ho ile ha feta lilemo tse 47. Ka nako eo Steponas o ne a lula motsaneng o ka leboea ho Lithuania o neng o se na Lipaki. Nakong ea selemo ka 2002, o ile a khona ho fumana lingoliloeng tse itseng ’me a romela setlankane ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Lithuania a kōpa buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa. Oa hlalosa: “Ke ile ka romela setlankane seo, ka tšepo ea hore ke tla khona ho boela ke kopana le barab’abo rōna.” Banyalani ba bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ile ba mo etela ’me ba ithuta Bibele le eena. Steponas o ile a kolobetsoa le pele selemo se fela, a le lilemo li 80.
Na ba ile ba kopana le Edvardas, eo lilemong tse ka bang 50 tse fetileng a neng a ile a re: “Mohlomong re tla boela re kopana ka le leng la matsatsi”? E ba ile ba kopana! Letsatsi ka mor’a hore a kolobetsoe, banna bao ba babeli ba ile ba kopana, joale e se e le bara ba motho ba moea, ba hakana ka mofuthu le ho thabelana.
Brithani, Tim le Sam, bao bobeli ba leng lilemo li 11 ebile e le bahoeletsi ba sa kolobetsoang, ba ne ba le tšebeletsong ea tšimo le ’mè oa Tim. Bashemane bao ba babeli ba ne ba hloka mekotla e mecha bakeng sa ho tšela Libibele le lingoliloeng tsa bona, empa chelete e le bothata. Pejana, pele ba qalisa tšebeletso ea tšimo letsatsing leo, bo-’mè ba bahoeletsi bana ba babeli ba bacha ba ne ba ile ba rapella taba eo. Ntlong ea ho qetela eo ba keneng ho eona hoseng hoo, Tim o ile a buisana le mong’a ntlo ’me a mo balla temana e ’ngoe ea Bibele. Mong’a ntlo o ile a mo kena hanong a mo botsa hore na ke oa bolumeli bofe. Ha Tim a re ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, mosali eo a mo jajabetsa ka bohale ’me a bolella ’mè oa Tim hore ha a utloisise hore na ke hobane’ng ha Lipaki li lumella bana ba tsona ho shoa ho e-na le ho lumela hore ba tšeloe mali.
’Mè oa Tim o ile a re mosali eo a botse bashemane bao hore na ba ikutloa joang ka seo, ’me a ba botsa. Tim o ile a hlalosa hore ka linako tsohle eena a ka mpa a khetha ho phekoloa ka tsela e ’ngoe ho e-na le ho hatella letsoalo la hae le koetlisitsoeng ka Bibele. Sam le eena a bolela hore khaitseli ea hae e ile ea phekoloa ka tsela e fapaneng ’me ea hlaphoheloa kapele ho feta bakuli ba tšetsoeng mali.
Mong’a ntlo a boela a retelehela ka ho ’mè oa Tim. Lekhetlong lena a nyatsa hore o tsamaisa bana ba banyenyane joalo ka ntlo le ntlo. Bashemane bao ka bobeli ba araba ka hore ba thabela ho etsa boboleli, ba phaella ka hore ba khetha seo ho e-na le ho tsekela seterateng joaloka lithaka tse ling tsa bona. A khahliloe ke karabo ea bona, mong’a ntlo o ile a re bashemane bao ba eme ho se hokae ’me a kena ka tlung. Ba ile ba makala hakaakang ha a khutla ’me a fa e mong le e mong oa bona mokotla o mocha, o motle oa letlalo, o loketseng bakeng sa tšimo! O iphelisa ka ho rekisa mekotla ena. Ha bashemane ba lemoha hore o se a fetotse maikutlo, ba ile ba lokisetsa leeto la ho boela. Ha ba se ba tsamaea, ’mè oa mong’a ntlo ea lilemo li 94, ea neng a ntse a mametse, a hlaha monyako ’me a kōpa ’mè oa Tim hore a mo etele ha hae.
Baralib’abo rōna ba babeli ba ne ba le tšebeletsong ea tšimo ha ba bona ho manehiloe molaetsa setopong sa libese Portugal, o reng: “Ke seithuti sa kelello ea motho ’me ke lokisetsa ho ngola tlaleho ka taba ea tumela-khoela. Haeba u ka khona ho nthusa, ke kōpa u ’ngolle atereseng e latelang ea E-mail . . . ” Thapameng eo baralib’abo rōna ba ne ba buella sehlooho sa Molula-Qhooa se reng “Na Litumela-khoela li Laola Bophelo ba Hao?” Kahoo ba ile ba etsa qeto ea ho mo araba ka E-mail le ho mo bolella ka makasine eo.
Beke hamorao mosali ea neng a ngotse molaetsa oo o ile a ba romela karabo e latelang: “Ke leboha thuso ea lōna. Ke masoabi hore ebe ke liehile ho araba. Ke tla rata ho fumana makasine eo le buileng ka eona. Morao tjena, nako le nako ha Lipaki li tla ho ’na, ke ee be ke potlaketse mosebetsing kapa ke mathela bese ’me ke ne ke ntse ke hlōleha ho buisana le tsona. Kea tseba hore le ruta batho Bibele, ’me nka rata ho ithuta le ’na.”
Baralib’abo rōna ba re: “Ketelong ea rōna ea pele, o ile a botsa lipotso tse ngata. Re ile ra mo fa buka ea Tsebo ’me ra lokisetsa ho ithuta Bibele le eena. O lokisetsa thuto ea hae hantle kamehla ’me hona joale o ba teng libokeng tsohle tsa phutheho.”
Ha Lina, eo e leng mohoeletsi motseng o mong o karolong e ka boroa ea Jeremane, a ntse a paka seterateng o ile a atameloa ke mosali e mong ea bitsoang Tatjana. Tatjana o ile a mo botsa: “Na u sa nkhopola tjee?” Lina o ile a re ha a sa mo hopola. Tatjana a boela a re: “Hoo ha ho ’makatse le hanyenyane. Re kopane hanngoe, le hona lilemong tse hlano tse fetileng.” O ile a tsoela pele ho hlalosa: “Nakong ea selemo ka 1998, u ile ua buisana le ’na seterateng ’me ua mpontša bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? Ke ile ka u halefela, empa tsela e mosa le e botsoalle eo u ileng ua itšoara ka eona e ile ea nketsa hore ke batle ho nka bukana eo le ho e bala ha ke fihla hae. Se ngotsoeng ka ho eona se ile sa nkama ka ho teba.” Hamorao, Lipaki tse peli tse neng li sa tsebe Lina li ile tsa etela Tatjana lapeng. Tatjana o ile a amohela thuto ea Bibele ka lebaka la seo a se balileng bukaneng eo. Ha a boetse a kopana le Lina, ka 2003, e ne e se e le Paki e kolobelitsoeng. Ha e le hantle, eena le Lina e ne e le bo-pula-maliboho ba thusang khoeling eo!
Ofisi ea lekala e ile ea fa morali’abo rōna e mong Pskov, Russia, aterese ea monna e mong ea lulang sebakeng se ka thōko. Ho ile ha mo nka nako e telele ho fihla moo. Ha qetellong a fihla moo, o ile a hlokomela hore monna eo o ne a sa tsebe hore o kōpile thuto ea Bibele. O ne a rekile makasine lephepheng ’me ka hare e tšoailoe ka setlankane se nkiloeng ho e ’ngoe ea lipampitšana tsa rōna. Monna eo o ile a re o ne a nahana hore ho fanoa ka moputso o itseng, kahoo o ile a romella setlankane seo ka tšepo ea ho hapa ho itseng. Morali’abo rōna o ile a re: “U ikhapetse thuto e sa lefelloeng ea Bibele!” Monna eo le ba lelapa la hae ba ile ba bontša thahasello, ’me ha qalisoa thuto ea Bibele. Thuto eo e khannoa habeli ka khoeli, kaha lelapa leo le lula hōle le morali’abo rōna.
◼ OCEANIA
Palo ea linaha: 30
Palo ea baahi: 34 355 946
Palo ea bahoeletsi: 93 718
Palo ea lithuto tsa Bibele: 47 270
Alyce ea lilemo li 14, ea lulang Australia, o ile a sebelisa boitsebiso bo limakasineng tsa rōna ha a etsa mosebetsi oa hae oa sekolo. Ka beke e ’ngoe o ile a ngola moqoqo a araba potso e reng, “Lefatše Lee le Habile Hokae?” Moqoqo oa hae o ile oa hlalosa bohlokoa ba mehla ea rōna ho ea ka boprofeta ba Bibele. Tichere ea hae e ile ea mo botsa hore na ke oa bolumeli bofe. Alyce o ile a hlalosa hore o ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, ’me a fa tichere eo limakasine tse ling tsa rōna hore e li bale.
Le hoja sena sohle se ile sa khahla tichere ea Alyce, tichere e ’ngoe e ile ea mo eletsa hore a se ke a sala taba eo morao. Leha ho le joalo, tichere ea hae e ile ea etsa qeto ea ho ntšetsa taba ena pele ka mor’a hore e qete likhoeli tse seng kae e behile leihlo tsela e ntle eo Alyce a itšoereng ka eona. E amehile ka hore e ka ’na eaba Alyce o tsamaea le lequloana le itseng le kotsi la bolumeli, tichere eo e ile ea ea laebrari ’me ea alima buka ea Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo. E ile ea bala buka eo eaba ea e qeta ka mafelo-beke a le mang feela! E kholisehile hore e fumane ’nete, e ile ea founela ’mè oa Alyce ea kōpa lingoliloeng tse ling ’me ea qala ho ithuta Bibele le Lipaki. Le pele khoeli e fela, e ne e se e tla libokeng tsohle e bile e pheheletse monna le ’mè oa eona hore ba tle libokeng ka Sontaha. Le bona ba ile ba qala ho ithuta Bibele ’me ba tsoela pele hantle. Le pele ho feta likhoeli tse tharo, tichere eo e ile ea e-ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang ’me ea fana ka puo ea pele e le seithuti Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Likhoeli tse seng kae hamorao, Alyce le tichere ea hae Linda, ba ile ba kolobetsoa ka letsatsi le le leng.
Ak’u inahanele u lula sehlekehlekeng seo ho sona e leng uena feela morapeli oa Jehova! Ena ke qaka eo morali’abo rōna e mong eo monna oa hae a ileng a amohela mosebetsi sehlekehlekeng sa Mejatto, Marshall Islands, a tobaneng le eona. Baahelani ba ne ba mo khothalletsa hore a ee kerekeng ea Prostanta, empa a hana. Ho e-na le hoo, o ile a ameha haholo ka ho ruta bana ba hae a sebelisa Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele. O ile a boela a buisana le baahelani ka seo a se lumelang, a ea ka ntlo le ntlo a sikile leseanyana la hae. Qetellong, ba bang ba ile ba bontša thahasello, ’me hona joale morali enoa oabo rōna ea sebakeng se ka thōko o khanna lithuto tse ’maloa tsa Bibele a sebelisa bukana ea Seo a se Hlokang. Khoeli e ’ngoe le e ’ngoe o romela tlaleho ea tšebeletso ea tšimo phuthehong eo a neng a kopanela ho eona pele. O qeta nako e telele a tsamaea ka sekepe le bana ho ea ba teng Sehopotsong le likopanong tse tšoareloang sehlekehlekeng sa Ebeye. Litho tsa phutheho ea Ebeye li mo romella mangolo ho mo khothatsa, li mo phetela liphihlelo tsa tšebeletso ea tšimo le lintho tseo li ithutileng tsona libokeng tsa phutheho. Ka lehlakoreng le leng, le tsona li khothatsoa ke mohlala oa morali enoa oabo rōna ea tšepahalang ea sebakeng se ka thōko.
Metse e mengata e ka mathōko Papua New Guinea ha e na motlakase. Batho ba sebelisa lijenereithara kapa libeteri ha ba sebelisa thepa ea motlakase. E le hore morali’abo rōna e mong ea sa tsoa kolobetsoa a thuse batho ba motse oa habo ho utloisisa Bibele ka ho eketsehileng, o ne a batla ho ba bontša tse ling tsa livideo tse hlahisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. Ka mor’a ho fumana chelete ka ho rekisa lijalo tseo a li lemmeng, o ile a ea ho mosali e mong oa moo oa mohoebi ea nang le thelevishene, VCR le jenereithara a mo kōpa hore na a ka mo hirisetsa lintho tseo tse tharo. Morali’abo rōna o ile a mo hlalosetsa hore o batla ho mema motse oohle ho tla shebella livideo tse thehiloeng Bibeleng tseo a lumelang hore li tla ba thusa moeeng. Hang-hang mohoebi eo a fokotsa tefiso a bitsa chelete e tlaase haholo, a re le eena o tla lakatsa ho bona livideo tseo. Hoo e batlang e le motse oohle o ile oa tla. Ka mor’a moo, ba bangata ba ile ba hlalosa hore ba ne ba sa tsebe hore mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova o etsoa libakeng tse ngata joalo. Ba ne ba boetse ba khahliloe ke kutloano ea bara ba motho ea lefatšeng ka bophara, e leng seo ba e-s’o ka ba se bona likerekeng tsa bona. Ba bangata bao nakong e fetileng ba neng ba hana ho buisana le Lipaki empa hona joale ba batla ho ithuta ka ho eketsehileng ka seo re se lumelang ba ile ba memela morali’abo rōna malapeng a bona.
Savaii, e leng sehlekehleke se seholo ka ho fetisisa Samoa, baeta-pele ba bang ba sechaba ba thibetse Lipaki Tsa Jehova ho etsa boboleli metseng ea bona. Morali’abo rōna e mong ea lulang motseng o joalo o ile a emela ’nete a tiile ha a lokisetsa ho pata mora oa hae. Kaha lepato le ne le tlil’o tšoareloa lapeng la hae, bara le barali babo rōna ba liphutheho tse ling tse peli sehlekehlekeng seo ba ile ba thusa ho hloekisa ntlo le mabala le ho fumana jenereithara. Batho ba motse ba ile ba hlokomela thuso ena e lerato. Tsela eo ka eona barab’abo rōna ba ileng ba hlophisa lepato le ho le tsamaisa e ne e fapane hōle le eo ka tloaelo ho etsoang lintho ka eona Samoa.
Matsatsi a mabeli ka mor’a lepato, lekhotla la motse le ile la phutheha ho tšohla taba ena. Litho tsohle tsa lona li ne li khahliloe ke tsela eo ka eona Lipaki li ileng tsa thusa lelapa leo pele ho lepato le ka morao ho lona. Banna ba baholo ba motse ba ne ba susumelitsoe ke tsela eo lepato le tsamaisitsoeng ka eona hoo ba ileng ba e-ba ntsoe-leng tabeng ea hore ho fetoloe meetlo ea lepato ho lateloe Faa-Molimau a Ieova (Tsela ea Lipaki Tsa Jehova). Matsatsi a mabeli hamorao, ho ile ha tšoaroa Sehopotso sa lefu la Kreste Holong e ’ngoe e nyenyane ea ’Muso lik’hilomithara tse seng kae ho tloha moo. Literaka tse tharo li ile tsa tsamaisa malapa a motseng oo tsa a isa teng. Hona joale bara le barali babo rōna ba khona ho paka ka bolokolohi motseng ona, e leng o mong oa e meholo ka ho fetisisa sehlekehlekeng seo. Bo-pula-maliboho ba babeli ba khethehileng ba khanna lithuto tse tšeletseng tsa Bibele moo. Thutong ea Buka ea Phutheho ho ba teng batho ba thabelang esita le eena morena oa motse.
Fiji mohlankana e mong o ne a lutse tlas’a sefate a ntse a nahana ka bophelo ba hae le bokamoso ba hae. O ile a kōpa motho e mong ea fetang ka tsela hore a lule le eena. Motho eo ea fetang ka tsela e ne e le mor’abo rōna, ea ileng a sebelisa monyetla oo ho mo pakela. Le hoja mohlankana eo a ne a se a kile a utloa ka tšepiso ea Bibele ea lefatše la paradeise, puisano eo e ile ea boela ea tsosa thahasello ea hae. O ile a etsa qeto ea ho khutlela sehlekehlekeng seo ’mè oa hae a lulang ho sona le ho qala ho ithuta Bibele. Hang ha a fihla moo, litho tsa lelapa tse neng li hanyetsa tumelo ea hae e ncha li ile tsa senya lijalo tseo a neng a qeta ho li lema. Banna ba ka sehloohong ba motse ba ile ba mo leleka, ba re ha ba na ho lumella bolumeli bo bong haese ba bona. Ka mor’a moo o ile a ea habo ntat’ae sehlekehlekeng se seng se senyenyane. Ha a le moo o ile a ikahela seketsoana ka masenke a khale, ’me beke e ’ngoe le e ’ngoe o ne a tsamaea ka sona lik’hilomithara tse ’maloa leoatleng le loebehlanang ho ea kopana le Lipaki ka lehlakoreng le leng. Lelapa labo le ile la tsoela pele ho mo hanyetsa, ’me o ile a tlameha ho lula a le mong karolong e ka thōko ea sehlekehleke. Qetellong, o ile a khona ho fallela sehlekehlekeng se seholo, haufi le phutheho e khōlō. O ntse a tsoela pele moeeng e le mohoeletsi ea sa kolobetsoang.
◼ LINAHA TSA AMERIKA
Palo ea linaha: 56
Palo ea baahi: 857 137 983
Palo ea bahoeletsi: 3 095 083
Palo ea lithuto tsa Bibele: 2 898 369
Morali’abo rōna e mong United States o ile a khutlela ho mong’a lebenkele hoseng ho hong ka Sontaha ka September 2002. Kaha mong’a lebenkele o ne a ntse a thusa bareki ka nako eo, morali’abo rōna o ile a ’na a itsamaela ka moo ka lebenkeleng. O ile a bona mosali e mong a kena a potlakile ho tla reka mala, e leng rosari ea Mahindu e tšoanang le rosari ea Mak’hatholike. Mala e entsoe ka lifaha tse sootho tse sebelisoang ha ho peteketsoa lithapelo ho rapeloa melimo e mengata ea Bohindu. Ho ne ho bonahala eka mosali eo, eo lebitso la hae e leng Shwe, o fumane mala eo a e batlang, nakong eo morali’abo rōna a eang ho eena a re: “Ntšoarele hle. Ke na le potso, Na mala ee e entsoe ka sandalwood?”
“E, e entsoe ka eona! Ke ’nile ka rapela molimo hore ke fumane mala e ntle, ’me kajeno ke e fumane. Ak’u utloe hore na e nkha joang!”
“M-h, e nkha hamonate! U il’o rapela molimo ofe ka eona?”
“Eh, ka linako tse ling ke rapela Ganesa kapa Siva kapa Durga. Ke il’o rapela melimo ena ka mala ena.”
“Ak’u re ke u botse, Na u kile ua ipotsa hore na ke ofe ho eona eo e leng molimo o moholo ka fetisisa?”
“Kea qakeha moo. Ha ke tsebe hore na molimo o moholo ka ho fetisisa ke ofe.”
“Le ’na ke ne ke qakeha, ha ke sa le Mohindu ’me ke rapela melimo eo. Empa hona joale kea tseba hore na Molimo ea matla ’ohle ke mang. E-re ke u bontše. [A mo balla Pesaleme ea 83:18.] Jehova Molimo ke Ea Matla ’Ohle holim’a lefatše lohle. O moholo ho feta Siva, Ganesa le Durga. Nka u ruta ka Molimo enoa ea matla ’ohle ke sa u lefise.”
“Na ka sebele u tla nthuta ka Molimo oa ’nete? Kajeno lithapelo tsohle tsa ka li arabetsoe!”
“Joang?”
“Ke ne ke rapela letsatsi le leng le le leng hore ke fumane mala e ntle e le hore e ka nthusa ho fumana Molimo oa ’nete. Ke ne ke rapella le hore ke fumane motsoalle oa sebele ea ka nthusang kaha ha ke na eena. Lebitso la hao u mang?”
“Ke ’na Mala, ’me ha e le hantle nka ba motsoalle ea tla u tataisa ka Bibele.”
“Ke sitoa ho lumela hore Molimo o mphile Mala e phelang!”
Basali bao ba babeli ba ile ba lokisetsa ho ithuta bukana ea Seo a se Hlokang. Shwe o ba teng kamehla libokeng ’me o re pakane ea hae ke hore a kolobetsoe.
Honduras morali’abo rōna e mong oa moromuoa ea sokolang ho ithuta Sepanishe o ile a kena mohahong o mong oa khoebo ’me a siela motho ea amohelang baeti limakasine. Ka nako eo ho ile ha lla fono, ’me morali’abo rōna oa moromuoa a nahana hore motho ea amohelang baeti o re a lule fatše, kahoo a lula. O ne a sa mo utloisisa hantle. Motho ea amohelang baeti o ne a itse a tsamaee. Ho sa le joalo, mosali e mong ea ka ofising e ’ngoe e haufi o ne a ’nile a rapella thuso ea hore a tlohele ho matha le monna ea nyetseng le hore a ithute tsela e amohelehang ea ho rapela Molimo. Ha a utloa morali’abo rōna a bua sebakeng seo baeti ba fihlelang ho sona, o ile a lumela hore thapelo ea hae e arabetsoe. Leha ho le joalo, ha a utloa motho ea amohelang baeti a kōpa morali’abo rōna hore a tsamaee, o ile a tšoha hore moromuoa eo a ka ’na a tsamaea pele a bua le eena. Leha ho le joalo, moromuoa eo o ile a re hamorao: “Ka lebaka la ho se utloisise motho ea amohelang baeti, ke ne ke ntse ke le moo ha mosali eo a tla ho ’na a potlakile. Ka bobeli ba rōna re kholisehile hore sena e bile ka tataiso ea Jehova.” Lilemong tsa ho feta, mosali eo o ne a ’nile a bala lingoliloeng tsa Lipaki Tsa Jehova, ’me joale o ne a batla ho tsepamisa mohopolo oa hae linthong tsa moea. O se a khaolitse ho matha le monna ea nyetseng ’me o ithuta Bibele ebile o ba teng kamehla libokeng.
Morali’abo rōna e mong oa pula-maliboho ea khethehileng El Salvador o ile a abeloa phuthehong eo tšimo ea eona e neng e e-na le ba seng bakae feela ba arabelang hantle ’neteng. O ile a rapela Jehova hore a mo thuse ho fumana batho ba thabelang. Ka Sontaha se seng o ile a kopana le monna e mong ea sa leng mocha eo a neng a kile a buisana le eena ka Bibele. O ile a amohela buka ea Tsebo ’me a lumela hore a khutle. Morali’abo rōna o ile a khutlela ho eena ka makhetlo, empa a sa mo fumane. O ne a fumana mosali oa hae, ea neng a sa bontše thahasello hakaalo Bibeleng. Ha a khutlela lekhetlo la bohlano, mosali eo o ile a re a kene ka tlung, le hoja a ile a re, “ka metsotso e leshome feela.” Morali’abo rōna o ile a mo botsa hore na a ka tla le buka ea Tsebo. Mosali eo o ile a tla le buka eo, ’me morali’abo rōna a mo bontša lintlha tse seng kae ka bukeng eo le kamoo tokisetso ea thuto ea Bibele e sebetsang kateng. Ka mor’a likhoeli tse tharo ba ithuta, mosali eo o ile a qala ho ba teng libokeng le ho bontša hore o tsoela pele e le kannete. Ho thoe’ng ka monna oa hae? Ha nako e ntse e ea, le eena o ile a kopanela thutong. A qala ho ba teng libokeng le ba lelapa la hae. Hona joale ba sebeletsa ho ngolisa lenyalo la bona ka molao. Mamello haesita le thapelo li ile tsa tsoala katleho.
Margarita, ea lulang Mexico, o bua ka katleho eo a bileng le eona ha a etsa bopaki bo sa reroang: “Ha ke le sekolong sa morōko, ke ile ka buisana ka Bibele le motho e mong eo ke ithutang le eena. O ile a re o bona eka malapa a Lipaki Tsa Jehova a phela hamonate, kaha a lula a bososela a bile a thabile. Ke ile ka mo bolella hore ehlile o bone hantle le hore ba tšepang Jehova le ho phela tumellanong le melao-motheo ea Bibele ba thaba e le kannete.” Margarita o ile a qalisa thuto ea lehae ea Bibele le motho eo a ithutang le eena, eo hona joale a bang teng kamehla libokeng a bile a tsoela pele tsebong ea ’nete.
Dominican Republic, Ana o ile a siela monna e mong ea neng a bonahala a tšoenyehile bukana ea Seo a se Hlokang. Mosali oa hae o ne a le sepetlele a il’o buuoa ka lebaka la kankere. O ile a re mosali oa hae o rata ho bala, kahoo o tla mo ela le bukana eo ha a ea sepetlele. Hamorao Ana o ile a kopana le mosali oa monna eo, ea ileng a re: “Re ka qala ho ithuta. Ke se ke le malala-a-laotsoe.” Hamorao o ile a hlalosa hore ha a ntse a le sepetlele, o ile a kōpa Molimo hore a mo tataisetse bolumeling ba ’nete. Ka eona nako eo, monna oa hae o ile a mo tlisetsa bukana ea Seo a se Hlokang. O ile a e bala, a hlokomela hore ena ke tsela eo Molimo a arabang thapelo ea hae ka eona, ’me hang-hang a ipehela pakane ea ho ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Le hoja a ne a lokela ho tsamaea hora ha a ea libokeng Holong ea ’Muso le hora ha a khutla, o ile a etsa tsoelo-pele e potlakileng ’me ka mor’a nakoana a lumelloa ho ba mohoeletsi. O ile a re: “Joale ke khona ho phethahatsa kano ea ka ho Molimo.” O ile a kolobetsoa kopanong ea setereke le pele likhoeli tse tšeletseng li feta, ’me hona joale o tsoela pele ho sebeletsa Jehova a thabile.
Martin, e leng mohoeletsi ea lilemo li 13 ea lulang Paraguay, o thabela ho paka ka mokhoa o sa reroang. Ka letsatsi le leng ha a tsoa sekolong a ea hae a ntse a pakela motho e mong ea fetang ka tsela, o ile a bona sephutheloana ka har’a tsela. Martin o ile a se thonaka ’me a fumana hore se tšetse chelete. Kaha o ne a sa bone motho ea ntseng a se qamaka, o ile a se kenya pokothong. Ha a ntse a tsamaea tseleng, o ile a re ka pelong: ‘Ka chelete ena nka lefa chelete ea sekolo eo ke e kolotang ea likhoeli tse tharo ka ba ka thusa ho lefella litšenyehelo tse ling tseo batsoali ba ka ba lokelang ho li lefella.’ Ho sa le joalo, o ile a nka tsela e ’ngoe a sa hlokomele, eo mehleng a sa tsamaeeng ka eona. Ha a ntse a tsamaea a bona monna e mong a qamaka ho itseng. O ile a utloa monna eo a re o lahlile li-guarani tse 115 000 (R126) le hore ke eona chelete eohle e neng e mo saletse khoeling eo. Kapele-pele Martin o ile a hopola mantsoe a moholo e mong ea neng a mo hlahlobela kolobetso. Moholo eo o ne a ile a re: “U tla tobana le liteko tse ngata, ha ebile e le mona u il’o kolobetsoa.”
Martin o ne a le maqakabetsing a lichelete. Letsatsing leo o ne a bile a se na lijo tse lekaneng ha a le sekolong, re se re sa re letho ka ho lefa chelete ea sekolo. Leha ho le joalo, kaha Martin o ne a kholisehile hore o etsa se nepahetseng, o ile a kōpa monna eo hore a netefatse hore na o lahlile chelete e kae. Chelete eo e ne e lekana hantle le eo Martin a e thotseng. Martin o ile a mo fa chelete eo hammoho le pampitšana ’me a mo bolella hore ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Monna eo o ile a leboha Martin a sa qete ke ho thaba a ba a mo haka. Monna eo o ile a fa Martin aterese ea hae e le hore a mo etele. Martin o ile a kolobetsoa le batsoali ba hae kopanong e ’ngoe ea potoloho e sa tsoa feta.
◼ ASIA LE BOCHABELA BO HARE
Palo ea linaha: 47
Palo ea baahi: 3 931 574 927
Palo ea bahoeletsi: 568 370
Palo ea lithuto tsa Bibele: 417 308
Ho kula ho ile ha khina tšebeletso ea ntlo le ntlo ea morali’abo rōna e mong oa pula-maliboho, e leng Kumiko, ea lulang haufi le Tokyo, Japane. Ka hona, o ile a qeta nako e ngata a paka ka mangolo. Litho tsa phutheho li ne li mo fa liaterese tsa batho bao ho leng thata ho ba fumana malapeng. O ne a ngola mangolo, ebe bahoeletsi ba phutheho ba tsamaisa mangolo ao. O ile a qeta nako e fetang selemo ho se ea mo arabang. Leha ho le joalo, o ile a tsoela pele ho ngola ka botšepehi. Qetellong, ka mor’a ho ngola mangolo a ka bang 1 500, o ile a fumana poskarete e reng: “Ke leboha ha u ’ngoletse. Ke thabetse seo u se buileng. Ke teng ka matsatsi a latelang, ’me ke tla emela ho utloa hore na u re’ng.” O ile a etela motho enoa a sekisitse meokho ea thabo, ’me ha qalisoa thuto ea Bibele hona hoo. O re: “Qalong, ke ne ke tšaba ho ngola mangolo, empa joale ke kholisehile hore haeba re batla ba kang linku ka mamello, ka sebele Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba rōna.”
Hoseng ho hong ha morali’abo rōna a le tšebeletsong ea ntlo le ntlo India, o ile a kokota ntlong e ’ngoe. Ho ile ha bula mosali e mong ea neng a bonahala a hloname. Bana ba babeli ba banyenyane ba ne ba lutse fatše pel’a likotlolo tse sa tšelang. Morali’abo rōna o ile a buisana le mosali eo ka molaetsa o tšelisang oa ’Muso oa Molimo le litlhohonolofatso tsa oona, ’me mosali eo a mamela ka hloko. Ka mona, bana ke ho lapa ba ne ba ntse ba llela ’mè oa bona hore a ba ngoathele. O ile a hana ho ba ngoathela. Morali’abo rōna o ile a re ha a na bothata o tla mo emela a ngoathele bana lijo. Mosali eo o ile a qala ho lla, a re lijo tseo li na le chefo. O ne a le mothating oa ho ba fa tsona ha a utloa motho a kokota monyako. O ne a rerile ho ipolaea le ho bolaea baralinyana ba hae ba babeli ka lebaka la mathata a lelapa, a akarelletsang hore monna e ne e le letahoa. Ha morali’abo rōna a utloa seo, o ile a qhala lijo tseo, a mathela lebenkeleng le haufi, ’me a rekela lelapa leo lijo. Ba ile ba pheha lijo tseo ba le babeli ’me ba ngoathela bana. Mosali enoa o ile a khothatsoa haholo ke molaetsa oa ’Muso. O ile a amohela thuto ea Bibele ’me hona joale ke Paki e kolobelitsoeng. Bana ba hae ba babeli ba tla le eena libokeng. Monna oa hae o sa tsoa qalisa ho ba teng libokeng ’me o tsoela pele hantle.
SARS! Lentsoe lena le ile la tšosa ba bangata Taiwan. Baahi ba ile ba shebella litaba ba tšohile ha li tlaleha kamoo lefu leo le hlaselang batho kateng Hong Kong. Ka mor’a moo le ile la hlasela Taiwan! Lipetlele tse ’maloa li ile tsa tlameha ho thibela batho ho kena ka lebaka la ho ata ha tšoaetso, ’me batho ba bangata ba ne ba tšaba hore le bona ba tl’o tšoaetsoa. Le pele ’muso o fana ka taelo, ofisi ea lekala e ile ea thusa liphutheho hore li fumane li-thermometer e le hore barab’abo rōna ba khone ho nka motho e mong le e mong ea tlang libokeng thempereichara.
Ka mor’a moo ’muso o ile oa kōpa malumeli ’ohle a ngolisitsoeng hore a qobe ho bolela libakeng tse itseng tsa bolulo. Lenaneo le khethehileng la Seboka sa Tšebeletso le ile la thusa barab’abo rōna ho bona hore na ba ka fetola tsela eo ba etsang lintho ka eona joang ho qoba mathata. Pula-maliboho e mong ea khethehileng o ile a sebelisa tlhahiso ea ho khutlela le ho batho ba bontšitseng thahasello e fokolang. Ka lebaka leo, o ile a khanna lithuto tsa Bibele tse eketsehileng. Hona joale tse ’maloa tsa lithuto tsena li tsoela pele hantle. O re: “Boemo bo qalileng bo sa ratehe bo feletse ka hore ke thabele tšebeletso e atlehang haholoanyane.”
Ha morali’abo rōna e mong a le tšebeletsong ea tšimo Cyprase, o ile a kopana le mosali e mong ea ileng a re o phathahane. Morali’abo rōna o ile a bua mantsoe a se makae ka fensetere e butsoeng ea kichine, a bala Pesaleme ea 72:12-14, ’me a lokisetsa ho khutla ka nako e ’ngoe e loketseng. Ha morali’abo rōna a khutlela, o ile a makala ha a utloa mosali eo a re o ntse a mo lebeletse ka tjantjello. Hobane’ng? Mosali eo o ne a khothalitsoe haholo ke temana ela—a qetile letsatsi lohle a nahana ka eona. Morali’abo rōna o ile a buella thuto ea lehae ea Bibele, ’me mosali eo a e amohela ka thabo. Hona joale mosali eo o re o ananela seo a ithutang sona Lentsoeng la Molimo.
Polo, e leng monna e mong oa Cambodia, o ile a qala ho ithuta le moromuoa e mong ’me a tsoela pele hantle. O ne a tla libokeng tsohle tse hlano tsa phutheho Phnom Penh. Joale mohiri oa hae a re a fallele Battambang, e leng motse o haufi le moeli oa Thailand. Ha ho na phutheho moo, kahoo Polo o ile a siela motho ea mo khannelang thuto ea Bibele linomoro tsa hae tsa fono ea cellular, ’me ba tsoela pele ho ithuta ka fono ka metsotso e 30 ka Laboraro le Labohlano le leng le le leng. Polo o ne a boetse a batla ho arabela Thutong ea Molula-Qhooa. Kaha phutheho e ne e le hōle, o ne a ngola likarabo tse tharo kapa tse ’nè tsa thuto ea beke e latelang ebe o li fa molebeli oa hae oa Thuto ea Buka ea Phutheho hore li tle li baloe sebokeng sa beke eo. Cheseho ea hae e matlafalitse bahoeletsi ba bang ba phutheho. Hape o leka ho pakela bao a kopanang le bona. Ha a le ka beseng e eang Phnom Penh le ha a khutla, o pakela batho ba bangata ebile o ba khothalletsa ho tla libokeng. Pakane ea hae ke ho ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang.
Mongolia baralib’abo rōna ba babeli ba ile ba kopana le monna e mong ea ka bang lilemo li 30. O ile a ba kōpa hore ba eme, a kena ka tlung, ’me a tla a nkile libuka tse peli: Moloko oa Batho o Batla Molimo le Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. O ile a re o ne a ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova Poland lilemong tse 12 tse fetileng. Ha a khutlela Mongolia ka 1993, o ile a fihla a ngola lengolo a kōpa hore Lipaki li mo etele. Empa ka nako eo ho ne ho se na Lipaki Mongolia, kahoo ha ho ea ileng a mo etela. Hamorao, a ea India ho ea ithuta univesithi, moo a qetileng lilemo tse hlano teng. O ile a qeta lilemo tseo, ho tloha ka 1994 ho isa ka 1998, a sa kopane le Lipaki Tsa Jehova. Ka mor’a moo a khutlela Mongolia, moo qetellong a ileng a kopana le barab’abo rōna teng. O ile a tsosolosa thuto ea lehae ea Bibele, ’me ka April 2003, a ea libokeng ka lekhetlo la pele. Hona joale o thabela ho ithuta bukana ea Seo a se Hlokang.
Mosali e mong oa Mobuddha oa Sri Lanka o ile a makatsa baralib’abo rōna ba babeli ka ho ba amohela ka mofuthu ha hae, a re ke karabo ea thapelo ea hae! O ile a ba hlalosetsa hore moralinyana oa hae o sa tsoa ipolaea hobane a ne a mo khalemetse. Moprista oa Mobuddha eo a ileng a ea ho batla matšeliso ho eena o ile a mo bolella hore morali oa hae o tla tsoaloa bocha ’me a tl’o iphetetsa. Sena se ile sa tšosa mosali eo. Motsoalle e mong oa hae o ile a mo bolella hore Bakreste ha ba lumele lintho tseo. Kahoo mosali eo o ile a rapela hore a kopane le Mokreste oa ’nete, a nahana hore mohlomong ho tla romeloa Mok’hatholike. Ho e-na le hoo, o ile a eteloa ke Lipaki Tsa Jehova tse peli ’me tsa mo tšelisa ka ’nete ea Bibele. Hona joale o ithuta Bibele le hoja a hanyetsoa ke moprista oa Mobuddha.
Mosali e mong e mocha oa Kyrgyzstan o ne a qetile lilemo tse ngata a kena kereke ea Evangeli. Ha a ntse a bala Bibele o ile a hlokomela phapang pakeng tsa seo a se balang moo le seo kereke ea hae e se rutang. Ka mohlala, o ne a sa utloisise thuto ea kereke ea hore Jesu Kreste ke Ntate ebile ke Mora. A kholisehile hore mora o lokela ho ba le ntate, o ile a rapela Ntate oa Jesu Kreste ka thapelo e tiileng, a Mo kōpa hore a mo thuse ho fumana likarabo lipotsong tsa hae tsa Bibele. Ka le hlahlamang Lipaki Tsa Jehova tse peli li ile tsa mo etela. Li ile tsa botsa: “Uena u re’ng? Jesu Kreste o ile a ruta barutuoa ba hae hore ba rapele mang, hona o ile a re ba halaletse lebitso lefe?” O ile a hlolloa ha a hopola hore ka la maobane o ile a rapela Ntate oa Jesu Kreste hore a arabe tsona lipotso tseo. Ka mor’a puisano eo, o ne a kholisehile hore Molimo o arabetse thapelo ea hae. Mosali eo o ile a lumela ho khanneloa thuto ea Bibele kamehla ’me a qala ho ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova. Ha a utloa hore Jehova ke Ntate oa Jesu, o ile a qala ho rapela Jehova a sebelisa lebitso la hae la botho. Hona joale o tsoela pele hantle moeeng ebile o buisana le beng ka eena ka seo a ithutileng sona.
◼ AFRIKA
Palo ea linaha: 56
Palo ea baahi: 755 145 559
Palo ea bahoeletsi: 950 321
Palo ea lithuto tsa Bibele: 1 666 518
Libeseng tse ngata tse tsamaelang metseng e meholo ea Zambia, baeti ba tlosoa bolutu ka livideo tse atisang ho bontša pefo le boitšoaro bo bobe. Banyalani ba bang ba baromuoa ba neng ba e-ea motse-moholo ka bese ba ile ba botsa hore na ho ka khoneha hore ho bapaloe video e reng The Bible—Its Power in Your Life. Mokhanni o ile a lumela. Ruth o re: “Re ile ra hlokomela hore baeti ba e shebeletse ka thahasello, ba mametse ka hloko. Ka mor’a moo, re ile ra buisana le bona, ra ba fa lipampitšana le limakasine. Ba ile ba thabela seo.” Banyalani bao ba ile ba botsa mokhanni hore na a ka rata ho bapala video eo hape, ba nahana hore o tla e bapala hamorao. O ile a e khutlisetsa qalong ’me a e bapala hape hona hoo. Richard o re: “Baeti ba ile ba thabela ho shebella video eo lekhetlo la bobeli, ’me re ile ra thabela hore ebe re ile ra kōpa hore e bapaloe.”
Miranda, e leng mocha e mong ea kenang sekolo Malawi, o ile a bontša seithuti-’moho le eena buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa nakong ea khefu. Tichere e ile ea utloa puisano ea bona eaba e bitsetsa Miranda ka ofising. E ile ea mo botsa hore na ke hobane’ng ha a re motsoalle oa hae o lokela hore a nyaloe. Miranda o ile a re ha aa re motsoalle oa hae a nyaloe. Ho e-na le hoo, o ne a mo bolella kamoo buka eo e ka thusang malapa kateng hore a fumane thabo ea sebele. Tichere eo e ile ea tlala bohale, ea omanya Miranda, ea re: “U sa le lesea hore u ka fana ka keletso litabeng tsa lenyalo!”
Miranda o ile a tsoa ka ofising ea tichere eo a utloile bohloko a bile a thothomela. Matsatsi a mabeli hamorao tichere eo e ile ea mo bitsetsa hape ka ofising. Miranda o pheta se ileng sa etsahala ka mor’a moo: “Tichere ea ka e ile ea kōpa tšoarelo ka hore e ile ea kharuma ka bohale, eaba e mpolella hore e ne e lula e ngangisana le mosali le hore ba qeteletse ba arohane. E ile ea kōpa hore ke e fe buka eo ke ileng ka e bontša seithuti-’moho le ’na. Ke ile ka thabela ho e fa e ’ngoe. Libeke tse peli hamorao e ile ea mpolella hore buka eo e e thusitse le hore e e balile le mosali. Qetellong, e ile ea boelana le mosali.”
Monna e mong ea seng a hōlile Afrika Boroa ea bitsoang Eric o ne a qetile lilemo tse ngata a ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, empa ho tsuba ho ne ho mo sitisa ho tsoela pele moeeng. Ka mor’a hore mosali oa hae a kolobetsoe, o ile a etsa qeto ea hore le eena o batla ho kolobetsoa. O ile a etsa likopi tse ’maloa tse ngotsoeng ka mongolo o motenya tsa mantsoe a Lengolong la 2 Bakorinthe 7:1, e reng: “Kaha re na le litšepiso tsena, baratuoa, a re itlhatsoeng litšila tsohle tsa nama le tsa moea, re phethahatse khalalelo ka ho tšaba Molimo.” Eric o ile a beha temana ena hohle ka tlung pooaneng. Nako le nako ha a ne a lakatsa ho hotetsa sakerete, o ne a bala temana ena ebe o rapela Jehova hore a mo thuse a khaotse ho tsuba. Ka lebaka la seo, o qetile likhoeli tse fetang leshome a sa tsube. Hona joale Eric ke mohoeletsi ea sa kolobetsoang ’me o itokisetsa ho kolobetsoa kopanong e latelang ea setereke.
Ha morali’abo rōna e mong oa moromuoa a ntse a emetse seketsoana lihlekehlekeng tsa Seychelles, o ile a bona mosali e mong a lutse a le mong. Le hoja morali’abo rōna a ne a khathetse ka mor’a ho qeta letsatsi lohle a le boboleling, o ile a ea ho mosali eo ’me a mo fa pampitšana. O ile a e amohela, a re eena ke Mohindu. Matsatsi a se makae hamorao, ba ile ba boela ba kopana seterateng, ’me morali’abo rōna a hlophisa le eena nako ea hore ba ithute Bibele. Monna oa mosali eo ke ngaka ebile e ne e le Mok’hatholike, empa ka mor’a ho bala buka ea Moloko oa Batho o Batla Molimo, o ile a lumela ho kenella thutong. Mantsiboeeng a mang, banyalani bao ba ile ba memela morali’abo rōna le monna oa hae ’mesong o khethehileng. Ka bobeli ba ile ba chesa litšoantšo tsa bona tsa bolumeli ba ntan’o apeha lijo ka mollo oo! Ka mor’a nakoana ba ile ba qala ho ea libokeng le ho kopanela tšebeletsong ea tšimo. Ha ba qeta ho kolobetsoa ba ile ba nka bopula-maliboho bo thusang ba le babeli. Kaha sehlekehleke seo se senyenyane, mor’abo rōna oa tsebahala sechabeng. Ba bang ba re ka ho phoqa: “Ngaka joale e se e le moruti.” Hona joale o sebeletsa e le mohlanka ea sebeletsang, ’me mosali oa hae o thabela ho sebeletsa e le pula-maliboho oa kamehla.
Ishmael o ile a ithuta puo ea matsoho e le hore a khone ho thusa batho ba Zimbabwe ba lithōlō ho ithuta ’nete. Ka letsatsi le leng ha a le ka beseng, o ile a bona mosali e mong oa sethōlō a ntse a kōpa baeti chelete. Ishmael o ile a mo pakela a ba a hlophisa hore ba boele ba kopane. Ha mosali eo a botsoa hore na kereke ea hae e ruta hore lebaka la hore ebe ke sethōlō ke lefe, o ile a re: “Ba re ke thato ea Molimo hore ebe ke sethōlō.” Ishmael o ile a mo hlalosetsa hore hase thato ea Molimo hore batho e be lithōlō empa hore maemo a joalo a teng ka lebaka la sebe le ho se phethahale ho futsitsoeng. A ba a mo hlalosetsa hore haufinyane Molimo o tla felisa mefokolo eohle. Mosali eo o ile a re: “Ke rata ho tseba hore na ke hobane’ng ha kereke ea ka e nthutile leshano.” Ha Ishmael a kopana le eena ka lekhetlo la boraro, o ile a re: “Ho tloha joale ke se ke le e mong oa lōna. Ha ke sa batla ho mamela mashano a mang.” O khanneloa thuto ea Bibele, ’me o ba teng kamehla libokeng tsa phutheho ebile o tšepa hore haufinyane o tla tšoanelehela ho ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang.
Mathata a ho iphelisa Ghana a etsa hore ba bangata ba hloke nako ea ho nahanisisa ka lintho tsa moea. Morali’abo rōna e mong eo e leng pula-maliboho oa kamehla ha a ntse a ea ka ntlo le ntlo o ile a kena ha monna e mong e mocha ’me a kōpa ho buisana le eena ka Bibele ka metsotso e mehlano feela. O ile a re: “Motšehare ke lula ke phathahane. Ke tla hae feela ka mor’a 8:00 bosiu ke tl’o robala.”
Morali’abo rōna o ile a botsa, a re: “Na u ka tela nakoana e itseng ea hao ea ho robala hore u ithute Bibele?”
O ile a re: “Hafeela u tla ka mor’a 8:00 bosiu.” Ka le hlahlamang, morali’abo rōna le monna oa hae ba ile ba fihla ha monna eo hantle feela ka 8:00 bosiu. O ne a qeta ho fihla a tsoa mosebetsing. Ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele, ’me ka mor’a nakoana a qala ho ba teng libokeng. Ha nako e ntse e ea o ile a tšoaneleha ho ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang ’me qetellong a kolobetsoa. Liphetoho tseo a li entseng bophelong li ile tsa khahla mosali oa hae hoo le eena a ileng a lumela ho khanneloa thuto ea Bibele ’me ka mor’a nakoana a tšoaneleha ho ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang. Baahelani le batho ba bangata ba neng ba tseba tsela eo monna eo a neng a phela ka eona nakong e fetileng ba ne ba sa kholoe mahlo a bona ha ba mo bona a paka ka ntlo le ntlo. Ba bangata ba ne ba batla ho tseba hore na ke’ng e fetotseng motho ea joalo ea neng a tsebahala ka ho tahoa, a utsoa a bile a sebelisa lithethefatsi hampe. Ka mor’a moo, batho ba 22 motseng oo ba ile ba kōpa thuto ea Bibele. Ba 12 ba bona ba se ba ntse ba e-ba teng kamehla libokeng tsa phutheho ebile haufinyane ba ka ’na ba tšoanelehela ho ba bahoeletsi ba sa kolobetsoang.
[Setšoantšo se leqepheng la 43]
Steponas le Edvardas ba Lithuania
[Setšoantšo se leqepheng la 47]
Alyce le tichere ea hae, Linda, ba Australia
[Setšoantšo se leqepheng la 51]
Mala oa United States
[Setšoantšo se leqepheng la 56]
Kumiko oa Japane
[Setšoantšo se leqepheng la 61]
Ruth le Richard ba Zambia