Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang
Lipaki Tsa Jehova Tse Ratehang:
Moapostola Pauluse o ne a sebelisa monyetla o mong le o mong oo a o fumanang ho bolella balumeli-’moho le eena hore oa ba rata ebile oa ba ananela. Ha a ngolla Bakreste ba Roma o ile a re: “Ke leboha Molimo oa ka ka Jesu Kreste malebana le lōna bohle, hobane ho buuoa ka tumelo ea lōna ho pholletsa le lefatše lohle.” (Bar. 1:8) Ha e le hantle, ho pholletsa le sebaka sohle se neng se le tlas’a ’Muso oa Roma, Bakreste bao ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba tsebahala ka tumelo ea bona e matla le ka mosebetsi oa bona oa ho bolela litaba tse molemo ka cheseho. (1 Bathes. 1:8) Ha ho makatse hore ebe Pauluse o ne a rata bara bao babo ka ho tebileng hakaalo!
Joaloka Pauluse, le rōna re leboha Jehova ka linako tsohle ha re nahana ka lōna. Re lakatsa hore le tsebe hore kaofela ha lōna re le rata ka lerato le khaphatsehang! Hape re rata ho u tiisetsa hore uena ka bouena Jehova oa u rata. Ba bang ba lōna ba thulana le khanyetso e matla, empa le ntse le tsoela pele ho bolela litaba tse molemo. Ha ho pelaelo hore sebete sa lōna le ho hloka tšabo li thabisa pelo ea Jehova!—Liprov. 27:11.
Ha u ntse u bala ka hloko “Liketso Tsa Lipaki Tsa Jehova Mehleng ea Kajeno” tse tlalehiloeng khatisong ena ea Buka ea Selemo e thahasellisang le e matlafatsang tumelo u bile u nahanisisa ka tsona, u tla bona bopaki bo bongata ba hore Morena Jesu Kreste o tloha e le ‘ea hlōlang le ea phethang tlhōlo ea hae’ le hore sebetsa leha e le sefe se tla etsoa khahlanong le balateli ba Kreste se ke ke sa atleha.—Tšen. 6:2; Esa. 54:17.
Ha Pauluse a ngolla Bakreste ba Filipi, o ile a re: “Ke leboha Molimo oa ka . . . ka lebaka la tlatsetso eo le e entseng litabeng tse molemo.” (Bafil. 1:3-5) Le rōna re le litho tsa Sehlopha se Busang re ikutloa joalo ha re nahana ka lōna. Selemong sa Tšebeletso sa 2007, bahoeletsi ba 6 691 790 ba qetile lihora tse 1 431 761 554 ba bolela litaba tse molemo linaheng tse 236 lefatšeng ka bophara. Ruri le etsa mosebetsi o babatsehang ka ho tlatsetsa boboleling ba litaba tse molemo! Ak’u nahane ka batho ba makholo a likete ba thusitsoeng ke matsapa a rōna kaofela. Sena sohle se tlotlisa Jehova haholo!
Ka lekhetlo le leng, Pauluse o ile a bontša hore ka sebele o utloela barab’abo bohloko. Ha a ngolla Bathesalonika o ile a re: “Re hopola re sa phetse . . . mamello ea lōna ka lebaka la tšepo ea lōna ho Morena oa rōna Jesu Kreste ka pel’a Molimo le Ntate oa rōna.” (1 Bathes. 1:2, 3) Ha ho pelaelo hore mathata a mangata bophelong. Leha ho le joalo, ha a hlaha, ke habohlokoa hore re mamelle. Ebe uena u tobane le mathata a mofuta ofe? Na u nyahamisitsoe ke hore boloetse bo bong bo tebileng bo u tlamme matsoho tšebeletsong ea Jehova? Na molekane oa hao eo u mo ratang eo u phetseng le eena ka lilemo-lemo o mentsoe ke sera se sa khotsofaleng ka ho fetisisa, e leng Sheole? (Liprov. 30:15, 16) Na u ntse u batla molekane oa lenyalo ea ratang Jehova joaloka uena empa ha u e-s’o mo fumane ha ka nako e tšoanang u ntse u latela keletso ea Mangolo ka botšepehi e reng u nyale feela Moreneng? (1 Bakor. 7:39) Na u leka ka thata ho hōlisa bana ba hao har’a maemo a hlobaetsang ka ho fetisisa a moruo? Ho sa tsotellehe hore na u boemong bofe, kholiseha hore haeba u etelletsa mesebetsi e amanang le ’Muso pele, ka sebele Jehova a ke ke a ‘lebala mosebetsi oa hao le lerato leo u ileng ua le bontša bakeng sa lebitso la hae.’ Kahoo bara le barali babo rōna, re kōpa hore le se ke la “tela ho etsa se setle”!—Baheb. 6:10; Bagal. 6:9.
Ke eng se tla le thusa ho mamella? Joaloka Bathesalonika, ntho e tla le thusa ke “tšepo ea lōna ho Morena oa rōna Jesu Kreste.” Kahoo hoa utloahala hore ebe hamorao Pauluse o ile a bapisa “tšepo ea poloko” le helmete e matla e ka sireletsang Mokreste ha a hlaseloa ke monahano o fosahetseng le lipelaelo tse tšoenyang maikutlo.—1 Bathes. 5:8.
Bonneteng ha u mamella ka thabo, u araba nyeliso ea Satane e mabapi le tseko e khōlō ea bobusi ba bokahohle. Satane o re ka tlhaho bahlanka ba Molimo ke baithati o bile o re le hoja mohlomong ba ikemiselitse ho sebeletsa Molimo ka nako e itseng, ba tla khoehlisa borapeling ba bona haeba liteko li ka eketseha kapa haeba tsamaiso ena ea lintho e ka tsoela pele nako e telele ho feta kamoo ba neng ba lebeletse kateng. U na le tlotla ea ho pepesa seo Diabolose a hlileng a leng sona, hore ke raleshano ea nyatsehang! Ha letsatsi ka leng le feta, hopola hore nako ea hore u bone tšepo ea hao e phethahala e ntse e atamela.
Joalokaha Pauluse a ne a thabela ho fumana menyetla ea ho babatsa barab’abo ka lebaka la tumelo ea bona e matla, ka lebaka la hore ba ile ba tlatsetsa haholo mosebetsing oa boboleli le ka lebaka la mamello ea bona, re thabela ho sebelisa monyetla ona ho le tiisetsa hore rea le rata. Re re, pele ea pele!
E se eka selemo sena se tlang se ka tlisa mahlohonolo a khaphatsehang a moea. Re le lakaletsa se molemo, ke rōna
Barab’abo lōna,
Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova